Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • mwb23 September leq. 15
  • Batswadi Thusang Bana ba Lona ho Sebedisa Dintho Tseo ba Ithutang Tsona ka Jehova

Ha ho na video mona.

Ka maswabi ho bile le bothata.

  • Batswadi Thusang Bana ba Lona ho Sebedisa Dintho Tseo ba Ithutang Tsona ka Jehova
  • Bophelo ba Bokreste le Tshebeletso ya Rona—2023
  • Dingolwa Tse Tshwanang
  • Sebedisa Melaomotheo ya Bibele ho Thusa Bana ba Hao Hore ba Atlehe
    Bophelo ba Bokreste le Tshebeletso ya Rona—2023
  • Diqeto Tse Bontshang Hore re Tshepa Jehova
    Bophelo ba Bokreste le Tshebeletso ya Rona—2023
  • ‘Batho Bao Dipelo Tsa Bona di ba Susumetsang’ ba Tla Mamela
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2025
  • Fumana Dikarabo Tsa Dipotso Tsena
    Lenaneo la Kopano ya Potoloho ya 2025-2026 ka Molebedi wa Potoloho
Bala Tse Ding
Bophelo ba Bokreste le Tshebeletso ya Rona—2023
mwb23 September leq. 15
Moradi wa bo rona o thusa ngwana wa hae ho araba le ho mamela dibokeng.

PHELA JWALO KA MOKRESTE

Batswadi Thusang Bana ba Lona ho Sebedisa Dintho Tseo ba Ithutang Tsona ka Jehova

E nngwe ya dintho tsa bohlokwa tseo batswadi ba ka di etsang ho thusa bana ba bona ho sebedisa dintho tseo ba ithutang tsona ka Jehova, ke ho ba thusa hore ba rue molemo dibokeng tsa Bokreste. Seo bana ba se bonang, ba se utlwang le dikarabo tseo ba fanang ka tsona dibokeng di ka ba thusa ho ithuta ka Jehova le ho ba metswalle ya hae. (De 31:​12, 13) Haeba o motswadi, o ka thusa ngwana wa hao jwang hore a rue molemo o moholo dibokeng?

  • Etsa sohle hore o ye dibokeng Holong ya Mmuso.—Ps 22:22

  • Iphe nako ya ho qoqa le bara le baradi beno pele diboka di qala le ka mora tsona.—Heb 10:25

  • Etsa bonnete ba hore setho se seng le se seng sa lelapa se na le sengolwa se ithutwang dibokeng, ebang ke se hatisitsweng kapa sa elektronike

  • Thusa ngwana wa hao ho araba ka mantswe a hae.—Mat 21:​15, 16

  • Bua hantle ka diboka le ka dintho tseo re ithutang tsona ha re le ho tsona

  • Thusa bana ba hao ho kenya letsoho ha ho hlwekiswa Holo ya Mmuso mme o ba thuse hore ba phutholohe ho buisana le ditho tse ding tsa phutheho

Ho hlokahala boiteko bo matla ho thusa bana ba hao hore e be metswalle ya Jehova. Ka dinako tse ding ho etsa sena ho ka bonahala ho le boima empa o ka kgodiseha hore Jehova o tla o thusa.—Esa 40:29.

SHEBELLANG VIDEO YA BATSWADI, TSHEPANG JEHOVA MME LE ITSHETLEHE KA YENA EBE LE ARABA DIPOTSO TSE LATELANG:

  • Ho kgathala ho ile ha ama Zack le Leah ho isa boholeng bofe?

  • Ke hobaneng ha batswadi ba lokela ho kopa hore Jehova a ba fe matla?

  • Zack le Leah ba bontshitse jwang hore ba ne ba itshetlehile ka Jehova hore a ba thuse?

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Tswa
    Kena
    • Sesotho (South Africa)
    • Romela
    • Ikgethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela