PHELA JWALO KA MOKRESTE
Nka Etsang Hore Dipaki Tsa Jehova di Dule di Ena le Botumo bo Botle?
Batho ba a tseba hore Dipaki Tsa Jehova di itshwere hantle. (1Ko 4:9) Re ka ipotsa, ‘Na dipuo le diketso tsa ka di etsa hore Jehova a roriswe?’ (1Pe 2:12) Esale Dipaki Tsa Jehova di ena le botumo bo botle ka dilemo tse ngata. Ka hoo, ha re batle ho etsa letho le ka senyang botumo boo.—Moe 10:1.
Ngola lengolo la Bibele le ka thusang Mokreste le seo a ka se etsang ha a le maemong a latelang:
Ha motho eo eseng Paki a o hanyetsa a halefile
Ha diaparo tsa hao, koloi ya hao le ntlo ya hao di le bohlaswa
Ha molao wa moo o dulang o bonahala o sa utlwahale kapa ho le thata ho o mamela
Ke jwang bafuputsi ba sebetsang Lefapheng la Bongodi ba etsang hore Dipaki Tsa Jehova di dule di ena le botumo bo botle?
SHEBELLANG VIDEO YA HO RATA NNETE LE HO E HLOMPHA EBE LE ARABA POTSO E LATELANG:
Keng e o kgahlang ka tsela eo mokgatlo o etsang bonnete ba hore ditaba tseo o di ngolang di nepahetse?