LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • mwb24 January maq. 8-9
  • La 29 January–la 4 February

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • La 29 January–la 4 February
  • Bophelo ba Bokreste le Tshebeletso ya Rona-Bukana ya Seboka sa—2024
Bophelo ba Bokreste le Tshebeletso ya Rona-Bukana ya Seboka sa—2024
mwb24 January maq. 8-9

LA 29 JANUARY–LA 4 FEBRUARY

JOBO 40-42

Pina ya 124 le Thapelo | Seo re Tlo Ithuta Sona (1 mots.)

MATLOTLO A TSWANG BIBELENG

1. Seo re Ithutang Sona Mohlaleng wa Jobo

(10 mets.)

Re lokela ho utlwisisa hore tsela eo re shebang dintho ka yona e fokola haholo ha e bapiswa le ya Jehova (Job 42:​1-3; w10 10/15 3-4 ¶4-6)

Dula o ikemiseditse ho amohela kgalemelo e tswang ho Jehova a sebedisa mokgatlo wa hae (Job 42:​5, 6; w17.06 25 ¶12)

Jehova o hlohonolofatsa batho ba dulang ba mo tshepahalla ho sa tsotellehe mathata ao ba bang le wona (Job 42:​10-12; Jak 5:11; w22.06 25 ¶17-18)

 Jobo le mosadi wa hae ba shebane ka tsela e bontshang hore ba thabela ho ba mmoho mme Jobo o supile diphoofolo le ntlo ya bona.

Jehova o ile a hlohonolofatsa Jobo ka lebaka la ho tshepahala

2. Matlotlo a Patilweng

(10 mets.)

  • Job 42:7—Ha metswalle e meraro ya Jobo e ne e leka ho mo tshedisa, e ile ya soma mang hona ho tseba see ho ka re thusa jwang hore re mamelle ha batho ba re soma? (it-2-E 808)

  • O ithutileng mmalong wa Bibele wa bekeng ee?

3. Mmalo wa Bibele

(4 mets.) Job 42:​1-17 (th thuto ya 11)

EBA MAFOLOFOLO MOSEBETSING WA BOBOLEDI

4. Ha o Qala Moqoqo

(3 mets.) KA NTLO LE NTLO. Motho eo o buisanang le yena ha a tsebe letho ka ditaba tsa Bokreste. (lmd thuto ya 5 ntlha ya 3)

5. Ho Etsa Barutuwa

(5 mets.) lff thuto ya 13 ntlha ya 6-7 le Batho ba Bang ba Re (lmd thuto ya 11 ntlha ya 4)

6. Puo

(4 mets.) lmd dintlha tsa A, ntlha ya 2—Sehlooho: Lefatshe le ke ke la Fediswa. (th thuto ya 13)

PHELA JWALO KA MOKRESTE

Pina ya 108

7. Thusa Batho ba Bang Hore ba Ikutlwe ba Ratwa ke Jehova

(15 mets.) Puisano.

Setshwantsho se hlahang videong ya “Re Ile ra Fumana Lerato ka Lelapeng la Jehova.” Mimi le mme wa hae ba tliseditse moradi wa bo rona ya sepetlele dipalesa le karete.

Re thabela ho rapela Modimo eo e leng lerato. (1Jo 4:​8, 16) Lerato la Jehova le re susumeletsa hore re batle ho ba metswalle ya hae. Kaofela ha rona re ikutlwa re ratwa ke Jehova hobane re bahlanka ba hae.

Re bontsha hore re rata batho jwalo ka Jehova ka tsela eo re tshwarang ba malapa a rona, bara le baradi ba bo rona le batho ba bang ka yona. (Job 6:14; 1Jo 4:11) Ha re bontsha batho ba bang hore re a ba rata, re ba thusa hore ba tsebe Jehova le hore e be metswalle ya hae. Empa haeba re hloleha ho bontsha batho ba bang hore re a ba rata, re etsa ho be thata hore ba dumele hore Jehova o a ba rata.

Shebellang VIDEO ya Re Ile ra Fumana Lerato ka Lelapeng la Jehova ebe o botsa bamamedi potso ena:

O ithutileng mohlaleng wa Lei Lei le Mimi ka bohlokwa ba ho bontsha batho ba bang hore o a ba rata?

Re ka etsang ho thusa bara le baradi ba bo rona hore ba ikutlwe ba ratwa ke Jehova?

  • Ba nke e le dinku tsa Jehova tse ratwang.—Ps 100:3

  • Ba kgothatse.—Ef 4:29

  • Leka ho utlwisisa hore na ba ikutlwa jwang.—Mat 7:​11, 12

8. Thuto ya Bibele ya Phutheho

(30 mets.) rr kgao. 5 ¶9-16

Dintlha Tse Phethelang (3 mets.) | Pina ya 126 le Thapelo

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share