LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • mwb24 January maq. 12-13
  • La 19-25 February

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • La 19-25 February
  • Bophelo ba Bokreste le Tshebeletso ya Rona-Bukana ya Seboka sa—2024
Bophelo ba Bokreste le Tshebeletso ya Rona-Bukana ya Seboka sa—2024
mwb24 January maq. 12-13

LA 19-25 FEBRUARY

PESALEME YA 8-10

Pina ya 2 le Thapelo | Seo re Tlo Ithuta Sona (1 mots.)

MATLOTLO A TSWANG BIBELENG

1. “Ke Tla o Rorisa . . . Jehova”!

(10 mets.)

Jehova o molemo haholo ho rona (Ps 8:​3-6; w21.08 3 ¶6)

Re rorisa Jehova ha re bolella ba bang ka mesebetsi ya hae e hlollang (Ps 9:1; w20.05 23 ¶10)

Re boetse re mo rorisa ha re mo binela ka dipelo tsohle (Ps 9:2; w22.04 7 ¶13)

Ditshwantsho: Ditsela tse fapaneng tsa ho rorisa Jehova. 1. Nkgono o bua le mooki ka molaetsa wa Bibele. 2. Bara le baradi ba bo rona ba a bina dibokeng. 3. Moshanyana o phahamisitse letsoho dibokeng hore a arabe. 4. Morabo rona o thusa ka ho hlwekisa Holo ya Mmuso. 5. Ngwanana e mong o bua le ngwana eo a kenang sekolo le yena ka molaetsa wa Bibele.

IPOTSE, ‘Nka rorisa Jehova ka ditsela dife tse ding?’

2. Matlotlo a Patilweng

(10 mets.)

  • Ps 8:​3, nal.—Mopesaleme o ne a bolelang ha a bua ka menwana ya Modimo? (it-1-E 832)

  • O ithutileng mmalong wa Bibele wa bekeng ee?

3. Mmalo wa Bibele

(4 mets.) Ps 10:​1-18 (th thuto ya 11)

EBA MAFOLOFOLO MOSEBETSING WA BOBOLEDI

4. Ha o Qala Moqoqo

(3 mets.) KA NTLO LE NTLO. Bontsha hore na o ka etsang ha mongantlo a re ha a dumele ho Modimo. (lmd thuto ya 5 ntlha ya 4)

5. Kgutlela ho Batho

(4 mets.) BUA LE BATHO HA MONYETLA O HLAHA. Nakong e fetileng motho eo o neng o bua le yena o ile a re ha a dumele ho Modimo empa o ile a re ha a na bothata ba hore le tlo qoqa hape ka taba ena. (th thuto ya 7)

6. Puo

(5 mets.) w21.06 6-7 ¶15-18—Sehlooho: Thusa Batho Bao o Ithutang Bibele le Bona Hore ba Rorise Jehova. (th thuto ya 10)

PHELA JWALO KA MOKRESTE

Pina ya 10

7. Ho Qoqa le Batho ka Bibele le ha o se Tshimong

(10 mets.) Puisano.

Tsela e nngwe eo re ka rorisang Jehova ka yona ke ka ho bua ka Bibele le batho bao re kopanang le bona ha re ntse re etsa mesebetsi ya letsatsi le letsatsi. (Ps 35:28) Qalong re ka nna ra ikutlwa re tshohile ha re tlameha ho qoqa le batho ka Bibele re se tshimong. Le ha ho le jwalo, ha re ithuta ho qoqa le batho ka tsela ena, re ka qetella re se re tlwaetse.

Setshwantsho sa video ya “Ikemisetse ‘ho Bolela Ditaba Tse Monate Tsa Kgotso’​—⁠Nka Kgato.” Moradi wa bo rona o qala moqoqo le mme ya tafoleng e pela ya bona restjhurenteng.

Shebellang VIDEO ya Ikemisetse “ho Bolela Ditaba Tse Monate Tsa Kgotso”—Nka Kgato. Ka mora moo, botsa bamamedi potso e latelang:

O ithutileng videong ee, e ka o thusang ho qoqa le batho ka Bibele ha o se tshimong?

Ditlhahiso tse latelang di ka o thusa:

  • Batla monyetla wa ho qoqa le batho ka Bibele nako le nako ha o tswa ka tlung. Kopa Jehova hore a o thuse hore o kopane le batho ba batlang ho mamela molaetsa wa Bibele

  • Bososela ha o bua le batho. Mamela ka hloko ha motho a ntse a bua e le hore o ka tseba hore na ke lengolo lefe la Bibele leo o ka buang le yena ka lona

  • Mo kope dinomoro tsa hae tsa founo kapa o mo fe tsa hao haeba o kgona

  • O se ke wa nyahama haeba moqoqo o fela o eso ka o bua le yena ka Bibele

  • O nne o nahane ka motho eo o qoqileng le yena. Bontsha hore o a mo tsotella ka hore o nne o mo romelle ditemana tsa Bibele kapa linki ya sehlooho se hlahang ho jw.org/st-za

Leka mokgwa ona: Haeba motho a o botsa hore na mafelobeke a hao a bile jwang , o ka mo qoqela seo o ithutileng sona dibokeng kapa wa mo qoqela ka hore na ho bile jwang mosebetsing wa hao wa ho ruta batho Bibele.

8. Ditlhoko Tsa Phutheho

(5 mets.)

9. Thuto ya Bibele ya Phutheho

(30 mets.) rr kgao. 6 ¶7-13 le lebokose la 6A

Dintlha Tse Phethelang (3 mets.) | Pina ya 65 le Thapelo

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share