LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • mwb25 March maq. 14-15
  • La 28 April–la 4 May

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • La 28 April–la 4 May
  • Bophelo ba Bokreste le Tshebeletso ya Rona-Bukana ya Seboka sa—2025
Bophelo ba Bokreste le Tshebeletso ya Rona-Bukana ya Seboka sa—2025
mwb25 March maq. 14-15

LA 28 APRIL–LA 4 MAY

DIPROVERBIA 11

Pina ya 90 le Thapelo | Seo re Tlo Ithuta Sona (1 mots.)

MATLOTLO A TSWANG BIBELENG

1. Itholele!

(10 mets.)

O se ke wa bua letho le tla utlwisa “moahisani” wa hao bohloko (Pr 11:9; w02 5/15 26 ¶4)

O se ke wa bua letho le bakang dikgathatso (Pr 11:11; w02 5/15 27 ¶2-3)

O se ke wa ntsha makunutu (Pr 11:​12, 13; w02 5/15 27 ¶5)

Bara ba bo rona ba babedi ba a qoqa Holong ya Mmuso. E mong wa bona o bua hampe ka morabo rona ya ntseng a tla ho bona.

SEO O KA NAHANISISANG KA SONA: Seo Jesu a se buileng ho Luka 6:45 se nthusa jwang hore ke qobe ho bua dintho tse ka utlwisang ba bang bohloko?

2. Matlotlo a Patilweng

(10 mets.)

  • Pr 11:17—Ho bontsha ba bang mosa ho re tswela molemo jwang? (g20.1 11, lebokose)

  • O ithutileng mmalong wa Bibele wa bekeng ee?

3. Mmalo wa Bibele

(4 mets.) Pr 11:​1-20 (th thuto ya 5)

EBA MAFOLOFOLO MOSEBETSING WA BOBOLEDI

4. Ha o Qala Moqoqo

(4 mets.) BUA LE BATHO HA MONYETLA O HLAHA. Batla monyetla wa ho bolella motho seo o ithutileng sona dibokeng haufinyane. (lmd thuto ya 2 ntlha ya 4)

5. Kgutlela ho Batho

(4 mets.) BUA LE BATHO HA MONYETLA O HLAHA. Bontsha motho video e hlahang ho Dithulusi Tsa ho Ruta. (lmd thuto ya 8 ntlha ya 3)

6. Ha o Etsa Barutuwa

(4 mets.) BUA LE BATHO KA BIBELE SETERATENG. Kopa ho ithuta Bibele le motho mme o mo bontshe hore na e kgannwa jwang. (lmd thuto ya 10 ntlha ya 3)

PHELA JWALO KA MOKRESTE

Pina ya 157

7. O se ke wa Senya Kgotso ka Dintho Tseo o di Buang

(15 mets.) Puisano.

Ka ha ha re a phethahala, re ka bua dintho tse utlwisang batho ba bang bohloko. (Jak 3:8) Le ha ho le jwalo, haeba re nahana pele re bua re tla qoba ho bua dintho tseo re tla ikwahlaela tsona ha morao. Dintho tse latelang ke tse ding tsa tseo re ka di etsang tse ka senyang kgotso ya phutheho:

  • Ho ikgohomosa. Re ka ithorisa mme sena sa etsa hore ba bang ba batle ho hlodisana le rona ba ba ba re monela.—Pr 27:2

  • Ho bua leshano. Ho bua leshano ha ho bolele feela ho bua seo eseng nnete empa ho akareletsa ho bua dintho ka sepheo sa ho kgelosa batho ba bang. Ho bua leshano le ha nngwe feela ho ka etsa hore batho ba se ke ba hlola ba re tshepa mme ha senya botumo ba rona.—Moe 10:1

  • Ho seba ba bang. Ho bua hampe ka batho ba bang le ho bua dintho tseo ba sa rateng ha batho ba bang ba di tseba ka bona. (1Ti 5:13) Ho ka baka diqabang le dikarohano.

  • Ho hlaba ba bang ka mantswe. Ha re kwatile re ka hlaba batho ba re utlwisitseng bohloko ka mantswe e le ha re leka ho ba bolella ka moo re ikutlwang ka teng. (Ef 4:26) Seo se ka utlwisa batho ba bang bohloko.—Pr 29:22

Dikarolwana tsa video ya “ ‘Lahla’ Dintho Tse Senyang Kgotso​—Karolwana.” 1. Emily le Celia ba dutse tafoleng restjhurenteng ba ntse ba nwa kofi. Celia o sheba dintho tseo Haley a di behileng metjheng ya puisano. 2. Haley o omanya Celia ba le moo ho pakwang dikoloi teng Holong ya Mmuso.

Shebellang VIDEO ya “Lahla” Dintho Tse Senyang Kgotso—Karolwana ebe o botsa bamamedi potso e latelang:

  • Dintho tseo re di buang di ka senya kgotso ya phutheho habonolo feela. O ithutileng ka taba ee videong?

Shebella video ya “Batla Kgotso Mme o Lwanele Hore e Dule e le Teng” ho bona hore na ba ile ba boela ba bopa kgotso jwang.

8. Thuto ya Bibele ya Phutheho

(30 mets.) w20.02 17 ¶10-18 le lebokose la tlhahlobo

Dintlha Tse Phethelang (3 mets.) | Pina e Ntjha ya Kopano ya 2025 le Thapelo

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share