Mahadi a ne a ka akarelletsa le diphoofolo
Na O Ne O Tseba?
Ke hobaneng ha Baiseraele ba mehleng ya kgale ba ne ba ntsha mahadi?
MEHLENG ya Bibele, lelapa la habo ngwanana le ne le fuwa mahadi haeba malapa ka bobedi a ne a dumela hore ho ka ba le lenyalo. Mahadi a ne a ka akarelletsa ntho le ha e le efe ya bohlokwa, diphoofolo kapa tjhelete. Ka dinako tse ding, motho o ne a ntsha mahadi ka hore a sebetse, jwalo ka ha Jakobo a ile a dumela ho sebeletsa ntate wa Ragele dilemo tse supileng e le hore a kgone ho mo nyala. (Gen. 29:17, 18, 20) Ke hobaneng ha ho ne ho ntshwa mahadi?
Setsebi se seng sa Bibele e leng Carol Meyers se ile sa re: “Lelapa la habo ngwanana le ne le ka fuwa mahadi hobane le ne le tlo lahlehelwa ke moradi wa lona ya neng a le thusa, ka ha mosebetsi o neng o etswa ke ngwanana o ne o le bohlokwa malapeng a [lemang.]” Mahadi ana a ne a ka thusa le hore malapa ana a mabedi a thehe setswalle. Malapa ana a ne a ka thusana le ha ho hlaha mathata. Ho feta moo, mahadi a ne a bontsha hore ngwanana o tshepisitswe ho nyalwa le hore o se a tla hlokomelwa ke monna wa hae eseng ntate wa hae.
Ho ntsha mahadi ho ne ho sa bolele hore mosadi a ka rekiswa kapa a rekwa. Buka ya Ancient Israel—Its Life and Institutions e re: “Taba ya hore motho o ne a lokela ho fa lelapa la habo ngwanana tjhelete kapa ntho e itseng, e fana ka maikutlo a hore manyalo a Baiseraele e ne e le kgwebo. Empa ho bonahala eka [mahadi] a ne a nkwa e le ho leboha lelapa la habo ngwanana eseng ho mo reka.”
Le kajeno dinaheng tse ding, batho ba ntse ba ntsha mahadi jwalo ka mehleng ya pele. Ha batswadi ba Bakreste ba nahana ka mahadi, ba lokela ho etsa hore kahlolo ya bona e molemo e tsejwe ke batho bohle ka hore ba se ke ba batla mahadi a mangata. (Bafil. 4:5; 1 Bakor. 10:32, 33) Ha ba etsa jwalo, ba tla be ba bontsha hore ha se batho “ba ratang tjhelete” kapa ba meharo. (2 Tim. 3:2) Ho feta moo, haeba batswadi ba Bakreste ba sa batle mahadi a mangata, seo se tla thusa mohlankana ya batlang ho nyala hore a se ke a tjhetjhisa lenyalo hobane a batla ho ba le tjhelete e lekaneng ya mahadi. Hape morabo rona a ke ke a utlwa a qobelleha hore a tlohele ho ba pulamadiboho e le hore a batle mosebetsi o tla mo thusa hore a fumane tjhelete ya ho patala mahadi ao a mangata.
Dibakeng tse ding, mahadi a laolwa ke molao wa naha. Maemong ao, batswadi ba Bakreste ba mamela melao ena. Hobaneng? Lentswe la Modimo le re Bakreste ba “ipehe tlasa balaodi ba phahameng” le ho mamela melao e seng kgahlanong le melao ya Modimo.—Bar. 13:1; Lik. 5:29.