Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • w22 April leq. 15
  • Dintja Tsa ka di Fuwa Dintho Tse Monate

Ha ho na video mona.

Ka maswabi ho bile le bothata.

  • Dintja Tsa ka di Fuwa Dintho Tse Monate
  • Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2022
  • Dingolwa Tse Tshwanang
  • Na o ne o Tseba?
    Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2017
Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2022
w22 April leq. 15
Monna o tsamaya le dintja tsa hae. O atamela banyalani ba Dipaki ba emeng pela diteroli.

Dintja Tsa ka di Fuwa Dintho Tse Monate

NICK ya dulang Oregon Amerika o re: “Mathwasong a selemo sa 2014 ke ile ka qala ho ya toropong e haufi le moo ke dulang ke tsamaya le dintja tsa ka. Ka mehla teropong ho ne ho ena le Dipaki tse emeng ka diteroli. E ne e le batho ba apereng hantle ebile ba bososela le motho e mong le e mong ya fetang.

“Ba ne ba se mosa ho batho feela empa le ho dintja tsa ka. Ka letsatsi le leng, Elaine, ya neng a eme pela teroli o ile a fa dintja tsa ka tse pedi dintho tse monate. Ka mora moo, nako ena kaofela ha re ne re atamela teroli, dintja tsa ka di ne di batla ho ya ho Dipaki tseo e le hore di ilo fumana dintho tseo tse monate.

“Ho ile ha feta dikgwedi tse mmalwa. Dintja tsa ka di ile tsa natefelwa ke dintho tse monate, le nna ka tswela pele ho thabela meqoqo e mekgutshwanyane le Dipaki. Empa ke ne ke sa batle ho tlwaelana le Dipaki tsena haholo. Ke ne ke le ka hodimo ho dilemo tse 70 mme ke ne ke sa tsebe seo Dipaki Tsa Jehova di se dumelang. Ke ne ke ile ka etsa qeto ya ho ipalla Bibele ke le mong ka mora ho swetswa ke dikereke tse ngata.

“Ka nako yona eo, ka lehlakoreng le leng la toropo ke ile ka bona Dipaki di eme pela diteroli. Le tsona di ne di le botswalle. Di ne di dula di sebedisa Bibele ho arabela dipotso tsa ka mme ke ile ka di tshepa.

“Ka letsatsi le leng, Elaine o ile a mpotsa a re: ‘Na o dumela hore diphoofolo ke mpho e tswang ho Modimo?’ Ke ile ka araba ka re: ‘E, ke a dumela!’ Ka mora moo Elaine o ile a bala lengolo la Esaia 11:6-9. Ho tloha ka nako eo, ke ile ka batla ho ithuta Bibele empa ke ne ke ntse ke sa batle ho nka dingolwa tsa bona.

“Matsatsing a ileng a latela, ke ile ka thabela meqoqo e mekgutshwanyane empa e le e thahasellisang le Elaine le monna wa hae Brent. Ba ile ba nkgothaletsa ho bala Bibele ho tloha ho Matheu ho ya ho Liketso, ho ithuta hore na ho bolelang ho ba Mokreste wa nnete. Ke ile ka etsa jwalo. Nakwana ka mora moo ke ile ka dumela ho ithuta Bibele le bona. E ne e le bohareng ba selemo sa 2016.

“Ke ne ke tatela hore nako ya ho ithuta Bibele beke le beke le ho ya dibokeng e fihle. Ke ile ka utlwa ke hlohonolofetse ebile ke thabile haholo ho ithuta seo Bibele e se rutang. Ka mora selemo ke ile ka kolobetswa hore ke be Paki ya Jehova. Hona jwale ke se ke le dilemo di 79 mme ke ananela haholo hore ebe ke fumane bodumedi ba nnete. Jehova o ntlhohonolofaditse haholo ka ho nkgulela ka hare ho lelapa la hae le lefatsheng lohle.”

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Tswa
    Kena
    • Sesotho (South Africa)
    • Romela
    • Ikgethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela