Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • w25 February leq. 32
  • Eba Sebete ha o le Tlasa Kgatello

Ha ho na video mona.

Ka maswabi ho bile le bothata.

  • Eba Sebete ha o le Tlasa Kgatello
  • Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2025
  • Dingolwa Tse Tshwanang
  • Jehova o Roma Jeremia ho ya Bolela Molaetsa wa Hae
    Ithute Dipaleng Tsa Bibele
  • “Eba Sebete . . . Mme o Nke Bohato”
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2017
Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2025
w25 February leq. 32

DINTHO TSEO O KA DI BATLISISANG

Eba Sebete ha o le Tlasa Kgatello

Bala Jeremia 38:​1-13 e le hore o ka bona hore na mohlala wa moprofeta Jeremia le wa Ebede-meleke wa leqhalaha o ka o thusa jwang hore o bontshe sebete.

Ithute haholwanyane ka dintlha tse potolohileng taba. Ke hobaneng ha Jeremia a ne a hloka sebete e le hore a bolele molaetsa o tswang ho Jehova? (Jer. 27:​12-14; 28:​15-17; 37:​6-10) Batho ba ile ba etsang ha ba utlwa ditaba tseo Jeremia a ba bolelletseng tsona?—Jer. 37:​15, 16.

Etsa dipatlisiso. Batho ba ne ba lebelletse hore Jeremia a etse eng? (jr 26-27 ¶20-22) Batla hore na didiba tsa mehleng ya Bibele di ne di le jwang le hore na di ne di sebedisetswa eng. (it-1-E 471) O nahana hore Jeremia o ne a ikutlwa jwang ha a ntse a le ka hara sediba se diretse? E ka nna yaba Ebede-meleke o ne a tshaba eng?—w12 5/1 31 ¶2-3.

Nahana ka dintho tseo o ithutileng tsona. Ipotse:

  • ‘Tlaleho ee e nthutang ka tsela eo Jehova a tshwarang batho ba mo tshepahallang ka yona?’ (Pes. 97:10; Jer. 39:​15-18)

  • ‘Ke maemong afe moo nka lokelang ho bontsha sebete?’

  • ‘Nka etsang hore ke be sebete haholo e le hore ke etse dintho tse nepahetseng ha ke le tlasa kgatello?’ (w11 3/1 30)a

a Bakeng sa dintlha tse eketsehileng mabapi le dintho tseo o ka di batlisisang, sheba “Dintho Tse ka o Thusang ha o Ithuta” e ho Tora ya ho Lebela ya July 2023.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Tswa
    Kena
    • Sesotho (South Africa)
    • Romela
    • Ikgethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela