Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • ijwbq sehlooho 131
  • Bibele e Reng ka ho Tlotsa Makeup le ho Kenya Jewelry?

Ha ho na video mona.

Ka maswabi ho bile le bothata.

  • Bibele e Reng ka ho Tlotsa Makeup le ho Kenya Jewelry?
  • Dipotso Tsa Bibele di a Arajwa
Dipotso Tsa Bibele di a Arajwa
ijwbq sehlooho 131
Mosadi ya kentseng necklace

Bibele e Reng ka ho Tlotsa Makeup le ho Kenya Jewelry?

Karabo ya Bibele

Le hoja Bibele e sa bue ka taba e na haholo, ha e hanele batho hore ba sebedise makeup le jewelry kapa dintho tse ding tsa ho ikgabisa. Le ha ho le jwalo, ho e na le ho beha tlhokomelo tseleng eo re shebahalang ka yona, Bibele e kgothalletsa “seaparo se ke keng sa bola sa moya o thotseng le o bonolo.”​—1 Petrose 3:3, 4.

Ho ikgabisa ha ho hanyetswe

  • Basadi ba tshepahalang ba hlahang ka Bibeleng ba ne ba ikgabisa. Rebeka ya neng a nyetswe ke Isaka mora wa Abrahama, o ne a rwala lesale la nko la kgauta, dipetja kapa bracelets tsa kgauta, le mabenyane a mang a turang ao a ileng a a fuwa ke Abrahama. (Genese 24:22, 30, 53) Ka ho tshwanang, Estere o ile a amohela ho “sidilwa ha basadi” ho itokisetsa mosebetsi wa hae wa ho ba Kgosatsana ya Mmuso wa Persia. (Estere 2:7, 9, 12) Ho sidilwa hona ha basadi ho ne ho akarelletsa ho sebedisa dinkgisa monate le mefuta ya dimakeup e fapaneng.​—New International Version; Easy-to-Read Version.

  • Dipapiso tse ka Bibeleng di sebedisa mekgabiso ka tsela e amohelehang. Ka mohlala, motho ya fanang ka keletso e molemo o bapiswa le “lesale la kgauta tsebeng e utlwang.” (Liproverbia 25:12) Ka ho tshwanang, Modimo o bapisa tsela eo a neng a sebedisana le setjhaba sa Iseraele ka yona le ya monna ya rwesang monyaduwa wa hae dipetja kapa bracelets, sefaha molaleng le masale. Mokgabiso o na o ne o etsa hore setjhaba se be ‘setle haholo’​—Ezekiele 16:11-13.

Seo ba bang ba se nahanang ka makeup le jewelry

Seo ba bang ba se nahanang: Lengolong la 1 Petrose 3:3, Bibele e hanyetsa ‘ho lohuwa ha moriri le ho rwala mekgabiso ya kgauta.’

Nnete: Lengolo lena le phahamisa ntlha ya hore botle ba ka hare bo molemo ho feta ponahalo ya ka ntle. (1 Petrose 3:3-6) Ntlha ena e hlaha hape mangolong a mang a Bibele.​—1 Samuele 16:7; Liproverbia 11:22; 31:30; 1 Timothea 2:9, 10.

Seo ba bang ba se nahanang: Ho sebedisa setlolo se takang se setsho kapa eye shadow e neng se sebediswa ke Mofumahadi Jezebele ya kgopo ho bontsha hore makeup o fosahetse.​—2 Marena 9:30.

Nnete: Jezebele, ya neng a loya ebile e le mmolai, o ile a ahlolwa ka lebaka la diketso tsa hae e seng ka lebaka la ponahalo ya hae.​—2 Marena 9:7, 22, 36, 37.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Tswa
    Kena
    • Sesotho (South Africa)
    • Romela
    • Ikgethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela