Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • ijwwd sehlooho 10
  • Tsela eo Meno a Limpet a Entsweng ka Yona

Ha ho na video mona.

Ka maswabi ho bile le bothata.

  • Tsela eo Meno a Limpet a Entsweng ka Yona
  • Na e Entswe?
Na e Entswe?
ijwwd sehlooho 10
Limpet.

NA E ENTSWE?

Tsela eo Meno a Limpet a Entsweng ka Yona

Limpet ke mofuta o mong wa kgofu e dulang lewatleng mme sebopeho sa yona se tshwana le cone ebile e na le meno a thata le a sa tlwaelehang. Meno a yona a entswe ka mineral e thata e bitswang goethite, hape a kwahetswe ke protein e bonolo.

Nahana ka sena: Limpet e na le leleme le nang le meno a kobehileng, a kolokaneng mme leino ka leng ha le fete 1 millimeter ka botelele. Meno a yona a lokela ho ba thata e le hore e kgone ho kgwakgwatholla bolele bo kgakgaphetseng majweng e le hore e ka bo ja.

Bafuputsi ba ile ba sebedisa microscope ho sheba hore na meno a limpet a kgaoha ha e hula ntho e boima bo bokae. Ba ile ba fumana hore matla a menong a yona, a mangata haholo hoo a ka fetang le a boya ba sekgo. Bafuputsi ba re ba batla ho etsa ntho e thata e tshwanang le meno a limpet.

Bafuputsi ba batla ho etsa dintho tse thata jwalo ka meno a limpet tse kang dikoloi, dikepe, difofane le meno ao dingaka tsa meno di ka a kenyang motho ya tswileng meno.

Wena o nahanang ka taba ee? Na meno a limpet a ikentse? Kapa na a entswe?

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Tswa
    Kena
    • Sesotho (South Africa)
    • Romela
    • Ikgethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela