NA E ENTSWE?
Bokgoni ba di Hormone ba ho Laola Kamoo Mmele o Sebetsang ka Teng
E le hore mmele ya rona e sebetse hantle, madi a rona a lokela ho ba le di electrolyte tse lekaneng, tse kang calcium. Di electrolyte tseo mmele o di sebedisang di a fapana ho ya ka matsatsi. Mmele wa hao o kgona jwang ho etsa hore o dule o ena le di electrolyte tse lekaneng?
Mmele wa motho ya phetseng hantle o etsa hore di electrolyte di lekalekane ka hore o di etse, o di boloke o be o etse hore di hormone di ye mading. Di hormone ke dikhemikhale tse thusang ho laola dintho tse sa tshwaneng tseo mmele o kgonang ho di etsa. Esita le hormone e nyane ka ho fetisisa e ka ama mmele wa hao haholo. Encyclopedia Britannica e re di hormone “ha di itswele feela empa di tswa ka tsela e rarahaneng le e hlophisehileng.”
Ka mohlala, di glands tsa parathyroid tse molaleng di ka hlokomela diphetoho tse nyane ka calcium e mading. Di glands tsena ka tlwaelo di ba nne mme e nngwe le e nngwe ya tsona e lekana le thollo ya raese.
Ha di glands tsena di hlokomela hore calcium e se e fokola, ka metsotswana feela di ntsha di hormone e le hore masapo a hao a ka ntshetsa calcium e ho wona mading. Hormone ena e boetse e thusa diphio hore di emise ho sefa calcium e mading le ho etsa hore mala a monye calcium e ngata dijong.
Le ha ho le jwalo, haeba madi a ena le calcium e ngata haholo gland e nngwe e qoqothong e ntsha hormone e nngwe e fapaneng. Hormone ena e thusa masapo hore a monye calcium e eketsehileng le ho thusa diphio hore di lahle calcium e sa hlokahaleng.
Di hormone tsena tse pedi ke tse ding tsa tse makgolo tseo mmele o di sebedisang ho laola le ho lekalekanya dintho tse ngata tseo o kgonang ho di etsa.
O nahana jwang? Na di hormone di ikentse hore di kgone ho etsa mosebetsi wa tsona kapa di bopilwe jwalo?