Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • g18 No. 1 leq. 3
  • Tsela ya ho Fumana Thabo ya Sebele

Ha ho na video mona.

Ka maswabi ho bile le bothata.

  • Tsela ya ho Fumana Thabo ya Sebele
  • Fadimehang!—2018
  • Dingolwa Tse Tshwanang
  • Ho Thaba ba Sebeletsang “Modimo ya Thabileng”
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang—2018
  • Tse ka Hare
    Fadimehang!—2018
Fadimehang!—2018
g18 No. 1 leq. 3

O KA FUMANA THABO YA SEBELE JWANG BOPHELONG?

Tsela ya ho Fumana Thabo ya Sebele

NA O THABILE BOPHELONG? Haeba ho jwalo, keng e etsang hore o thabe? Na ke lelapa, mosebetsi kapa bodumedi ba hao? E ka nna yaba o lebelletse dintho tse ka etsang hore o thabe, tse kang ho qeta sekolo, ho fumana mosebetsi o hantle kapa ho reka koloi e ntjha.

Batho ba bangata ba a thaba haeba ba fihlella ditoro tsa bona kapa ditabatabelo tsa bona. Empa thabo ya mofuta oo, e tshwarella nako e kae? Ka maswabi, ke thabo ya nakwana feela mme sena se kgathatsa matla.

Thabo e hlaloswa e le ho ba le boikutlo bo botle ka nako e tshwarellang. E bonahala ha motho a dula a kgotsofetse a bile a thabile bophelong.

Thabo e boetse e hlaloswa e le leeto, e seng e le ntho feela eo motho a e labalabelang kapa a batlang ho e fihlella. O ka nna wa re, “Ke tla thaba mohlang . . . ” Ha e le hantle ha o tjho jwalo, o tjhetjhisetsa thabo morao.

Ka mohlala, re ka tshwantsha thabo le ho ba le bophelo bo botle. Re lokela ho etsang e le hore re phele hantle mmeleng? Re lokela ho leka ka hohle ho fokotsa dijo tseo re di jang, ho ikwetlisa le ho ntlafatsa dikarolo tsohle tsa bophelo. Ka ho tshwanang, ho jwalo le ka thabo. Re lokela ho etsa diqeto tse dumellanang le melaomotheo.

Ke melaomotheo efe e ka re thusang hore re dule re thabile? Le hoja ho na le ya bohlokwa ho feta e meng, ena e latelang e kgatha tema e kgolo:

  • HO KGOTSOFALLA SEO O NANG LE SONA LE HO BA SEATLA SE BULEHILENG

  • HO BA LE BOIKUTLO BO NEPAHETSENG KA BOPHELO

  • HO BA LE LERATO

  • HO BA MOTHO YA TSHWARELANG

  • HO BA LE SEPHEO BOPHELONG

  • HO BA LE TSHEPO

Bibele e re: “Ho thaba ba se nang molato ditseleng tsa bona.” (Pesaleme ya 119:1) A re ke re boneng hore na re lokela ho etsang e le hore re thabe.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Tswa
    Kena
    • Sesotho (South Africa)
    • Romela
    • Ikgethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela