LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • g19 No. 2 maq. 12-13
  • Bohlokwa ba ho Tataisa Ngwana

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Bohlokwa ba ho Tataisa Ngwana
  • Fadimehang!—2019
  • Dihloohwana
  • Dintlha tse Ding
  • KE BO MANG BA LOKELANG HO TATAISA BANA?
  • KE HOBANENG HA E LE HA BOHLOKWA HORE BATSWADI BA TATAISE BANA?
  • O KA TAITAISA BANA BA HAO JWANG?
  • Batswadi, le ka Thusa Bana ba Lona Jwang Hore ba Rate Jehova?
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2022
Fadimehang!—2019
g19 No. 2 maq. 12-13
Nkgono o bontsha ngwanana dinepe tsa hae tsa kgale

NTLHA YA 5

Bohlokwa Ba Ho Tataisa Ngwana

KE BO MANG BA LOKELANG HO TATAISA BANA?

Bana ba hloka ho fuwa tataiso mme batswadi ke bona ba lokelang ho ba tataisa. Le ha ho le jwalo, batswadi ba bang le bona ba ka tataisa ngwana wa hao.

KE HOBANENG HA E LE HA BOHLOKWA HORE BATSWADI BA TATAISE BANA?

Dibakeng tse ngata, batjha ha ba qete nako e ngata ba e na le batho ba baholo. Nahana ka sena:

  • Bana ba qeta nako e ngata ba le sekolong, e leng moo bana ba leng bangata ho feta matitjhere.

  • Ha sekolo se tswa ba kgutlela hae, ba fihla batswadi ba le siyo ba le mosebetsing.

  • Thuto e nngwe e bontsha hore naheng ya United States, bana ba dilemo tse ka bang 8 ho isa ho tse 12 ba qeta nako e ngata ba sebedisa disebediswa tsa elektronike.a

Buka ya Hold On to Your Kids e re: “Batjha ba kopa tataiso ho dithaka tsa bona, ho e na le hore ba e kope ho batho ba baholo.”

O KA TAITAISA BANA BA HAO JWANG?

Qeta nako e ngata le bana ba hao.

MOLAOMOTHEO WA BIBELE: “Kwetlisa moshanyana ho ya ka tsela e mo loketseng; esita le ha a tsofala a ke ke a e kgeloha.”​—Liproverbia 22:6.

Ka tlhaho bana ba batla hore batswadi ba ba tataise. Ha e le hantle, ditsebi di re esita le batjha ba ntse ba batla hore batswadi ba bona ba ba eletse ho e na le hore ba batle dikeletso ho dithaka tsa bona. Bukeng ya You and Your Adolescent, Dr. Laurence Steinberg o re: “Batswadi ke bona ba nkang karolo e kgolo tseleng eo bana ba itshwarang ka yona ha ba kena botjheng, le ha ba se ba hodile. O ekelletsa ka hore, le hoja batjha ba ke ke ba dumellana le wena ka mehla ha o ba eletsa, empa ba batla ho tseba hore na o nahanang, ebile ba batla ho mamela seo o tla se bua ho bona.”

Motswadi o lokela ho etsa sohle seo a ka se kgonang e le hore a tataise ngwana wa hae, hobane ka tlhaho ngwana, o batla hore motswadi a mo tataise. Qeta nako e ngata le bana ba hao, mme o ba jwetse hore na o ikutlwa jwang, o nahana jwang ka taba e itseng, keng e bohlokwa ho wena le hore na o ithutileng bophelong.

Batla motho ya tla thusa ngwana wa hao.

MOLAOMOTHEO WA BIBELE: “Ya tsamayang le batho ba bohlale o tla hlalefa.”​—Liproverbia 13:20.

Na o ka batlela ngwana wa hao motho ya hodileng ya tla mo kgothatsa? Na o ka etsa tokisetso ya hore motho eo a qete nako le ngwana wa hao? Ho etsa sena ha ho bolele hore o batla motho ya tla o hlokomella ngwana. Empa o tla be o batla motho eo o mo tshepang le ya ke keng a ntsha ngwana wa hao kotsi hore a o thuse ho kgothatsa ngwana wa hao. Bibele e ya bontsha hore Timothea, le hoja a ne a se a hodile, o ile a fumana molemo o moholo setswalleng seo a neng a na le sona le moapostola Pauluse mme le Pauluse ka tsela e tshwanang o ile a fumana melemo setswalleng seo.​—Bafilipi 2:20, 22

Kajeno malapa ha a sa dula ha mmoho ntlong e le nngwe kapa sebakeng se le seng, empa hangata ba malapa ba kang bo malome, bo rakgadi, bo nkgono le bo ntatemoholo ba se ba dula dinaheng tse ding. Haeba le wena o boemong bo jwalo, leka ho thusa bana ba hao, ka ho ba batlela menyetla ya ho ithuta bathong ba bang ba etsang dintho tse ntle tseo o batlang hore le bona ba di etse.

a Thuto e bontsha hore batjha ba qeta dihora tse ka bang 9 ka letsatsi ba sebedisa disebediswa tsa elektronike. Dipatlisiso tsena ha di akarelletse nako eo ba e qetang ba etsa mosebetsi wa sekolo ka disebediswa tseo.

Nkgono o bontsha ngwanana dinepe tsa hae tsa kgale

BA KWETLISE HONA JWALE

Bana ba batlang tataiso ho batho ba baholo hangata ba ba bohlale ebile ba etsa diqeto tse nepahehetseng bophelong

Behela Bana ba Hao Mohlala

  • Na ke behela bana ba ka mohlala o motle?

  • Na bana ba ka ba a bona hore le nna ke kopa thuso ho batho ba bang?

  • Na ke bontsha bana ba ka hore ke ba nka e le ba bohlokwa, ka hore ke qete nako e ngata ke e na le bona?

Seo Batswadi ba Bang ba se Buang . . .

David o re: “Ka dinako tse ding ha ho e na le dintho tseo ke ntseng ke di etsa, moradi wa ka o tla be a batla ho bua le nna. Ke dula ke mo mamela le ha ka dinako tse ding ke mo kopa hore a mphe nakonyana e itseng, e le hore re ka bua ho sena letho le re sitisang. Nna le mosadi wa ka re leka ka matla hore re mo behele mohlala o motle, e le hore a ka bona hore re phela tumellanong le dintho tseo re mo rutang tsona.”

Lisa o re: “Ha moradi wa rona a ne a qeta ho hlaha, nna le monna wa ka re ile ra etsa qeto ya hore ke tla tlohella mosebetsi mme ke dule hae ke hodise ngwana. Ha ke ikwahlaele qeto eo. Ke ha bohlokwa hore o be teng bophelong ba ngwana, e le hore o ka mo tataisa ka tsela e nepahetseng. Ha bohlokwa le ho feta ke hore, ho qeta nako le ngwana wa hao ho tla mo thusa hore a bone hore o a mo kgathalla.”

HO QETA NAKO LE BATHO BA BAHOLO

Maranda o re: “ Bana ba ka ba holetse moo ho nang le batho ba bangata ba boholo mme sena se ile sa ba thusa hore ba ithute dintho tse ngata ho bona. Ka mohlala, Ba ne ba hlolletswe haholo ha nkgono wa bona a ba qoqela hore ha a ntse a le monyane lelapa la bona ke lona la pele la ho ba le lebone la motlakase. O boetse o re batho ba ne ba tla habo mme ba eme ka kitjhineng, e le hore ba shebelle ha lebone le tingwa le ha le laetwa. Pale eo e ile ya ba bontsha hore bophelo bo ne bo fotohile ha bo bapiswa le ba hona jwale. Ho mamela pale ya nkgono wa bona, ho ile ha ba thusa hore ba mo hlomphe ba be ba hlomphe le batho ba bang ba hodileng. Ha bana ba qeta nako e ngata le batho ba baholo eseng dithaka tsa bona, ba tla sheba dintho ka leihlo le leng.”

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share