Seo re Tlo Ithuta Sona
Maemong a mang motho e mong le mong o hlahelwa ke dintho tse bohloko tse kang ho kula, ho hlahelwa ke kotsi, koduwa ya tlhaho kapa ho lwantshwa.
Batho ba batla dikarabo.
Batho ba bang ba nahana hore re bopetswe ho hlahelwa ke dintho tse bohloko, ha bang bona ba nahana hore re ke ke ra qoba ho ba le mathata.
Ba bang ba re re hlahelwa ke mathata ka lebaka la dintho tse mpe tseo re ileng ra di etsa nakong e fetileng.
Dintho tse bohloko tse etsahalang di etsa hore batho ba ipotse dipotso tse ngata tse hlokang dikarabo.