Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • g20 No. 2 maq. 10-11
  • 3. Ke Hobaneng ha Batho ba Lokileng ba Hlahelwa ke Dintho Tse Bohloko?

Ha ho na video mona.

Ka maswabi ho bile le bothata.

  • 3. Ke Hobaneng ha Batho ba Lokileng ba Hlahelwa ke Dintho Tse Bohloko?
  • Fadimehang!—2020
  • Dihloohwana
  • Dingolwa Tse Tshwanang
  • Ke Hobaneng ha o Lokela ho Tseba Karabo ya Potso ee?
  • Nahana ka Sena
  • Seo Bibele e se Rutang
  • 4. Na Modimo o ne a Batla Hore re be le Mathata?
    Fadimehang!—2020
  • Bibele e Reng?
    Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2017
  • Tse ka Hare
    Fadimehang!—2020
  • Ke Hobaneng ha re Utlwa Bohloko, re Tsofala Ebile re Shwa?
    Fadimehang!—2021
Bala Tse Ding
Fadimehang!—2020
g20 No. 2 maq. 10-11
Batswadi ba shebile ngwana wa bona ya robetseng betheng ya sepetlele ya qetang ho kgaolwa letsoho.

3. Ke Hobaneng Ha Batho Ba Lokileng Ba Hlahelwa Ke Dintho Tse Bohloko?

Ke Hobaneng ha o Lokela ho Tseba Karabo ya Potso ee?

Re utlwa bohloko ha batho ba lokileng ba hlahelwa ke dintho tse bohloko. Ka hoo, ba bang ba re ha ho hlokahale hore re be batho ba lokileng hobane mathata a re hlahela kaofela.

Nahana ka Sena

Batho ba bang ba dumela hore haeba motho a shwa, a ka kgona ho tswalwa hape. Ba dumela hore haeba motho a ka hlokahala a ntse a etsa dintho hantle, ha a tswalwa hape bophelo ba hae ha bo na ba le mathata empa haeba motho o ile a hlokahala a etsa dintho tse mpe, ha a tswalwa hape bophelo ba hae bo tla tlala ka mathata. Ba boetse ba dumela hore haeba motho o ne a etsa dintho tse mpe pele empa hona jwale o se a etsa dintho hantle, o ntse a tla hlahelwa ke mathata. Le ha ho le jwalo . . .

  • Haeba motho eo o tlo tswalwa hape, molemo wa hore a hlahelwe ke mathata ke ofe hobane a ke ke a hopola dintho tseo a di entseng nakong e fetileng?

  • Ke hobaneng ha re lokela ho itshotla ka hore re ikwetlise mme re qobe ho hlahelwa ke dikotsi haeba re ntse re tlo fuwa kotlo ka lebaka la dintho tse mpe tseo re di entseng bophelong ba rona ba nako e fetileng?

    ITHUTE HO EKETSEHILENG

    Shebella video ya Ke Hobaneng ha Modimo a Dumella Mathata? ho jw.org/st-za.

Seo Bibele e se Rutang

Ha se Modimo ya re bakelang mathata.

Ho e na le hoo, re hlahelwa ke mathata hobane re le sebakeng se fosahetseng ka nako e fosahetseng.

“Ba lebelo ha ba hlole peisong, le ha e le hore ba matla ba a hlola ntweng, kapa hore ba bohlale le bona ba na le dijo, le ha e le hore ba nang le kutlwisiso le bona ba na le maruo, kapa hore esita le ba nang le tsebo ba fumana kamohelo, hobane bohle ba hlahelwa ke nako le ketsahalo e sa lebellwang.”​—MOEKLESIA 9:11.

Re hlahelwa ke mathata ka lebaka la sebe seo re se futsitseng.

Hangata ha batho ba bua ka lentswe lena “sebe” ba be ba bua ka ntho e nngwe e mpe eo motho e mong a e entseng. Ka ho tshwanang, ha Bibele e bua ka lentswe lena ebe e bua ka sebe seo batho ba lokileng le ba sa lokang ba se futsitseng.

“Ke ile ka tswallwa phosong ka bohloko ba pelehi, Mme a nkemolela sebeng.”​—PESALEME YA 51:5.

Sebe ke sona se etsang hore batho ba hlahelwe ke mathata.

Sebe ha sa etsa feela hore re lahlehelwe ke setswalle se setle le Modimo empa se entse hore re se ke ra kgona ho ba le setswalle se setle le ba bang. Se entse hore re lemale maikutlong ebile se entse hore re senye lefatshe le letle leo Modimo a re etseditseng lona. Dintho tsena kaofela di entse hore batho ba hlahelwe ke mathata.

“Ha ke lakatsa ho etsa se nepahetseng, se sebe se teng ho nna.”​—BAROMA 7:21.

“Popo yohle e ntse e tswela pele ho bobola ha mmoho le ho ba bohlokong ha mmoho.”​—BAROMA 8:22.

Ke hobaneng ha batho ba lokileng ba hlahelwa ke dintho tse bohloko?

Batho ba lokileng le ba sa lokang, ba hlahelwa ke dintho tse bohloko ka lebaka la sebe seo re se futsitseng. Sebe seo, se entse hore batho ba kule mmeleng le kelellong, sa ba sa etsa hore batho ba utlwisane bohloko.

Na Modimo o ne a rerile hore ho be tjee? Na o ne a batla hore re hlahelwe ke mathata?

Sehlooho sa bone sa makasine ena se tla araba dipotso tsena.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Tswa
    Kena
    • Sesotho (South Africa)
    • Romela
    • Ikgethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela