LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • g20 No. 3 leq. 3
  • Na o na le Kgethollo?

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Na o na le Kgethollo?
  • Fadimehang!—2020
  • Dintlha tse Ding
  • E se Eka Kaofela re ka ba Bonngweng Jwalo ka ha Jehova le Jesu ba le Bonngweng
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang—2018
  • Bontsha Lerato
    Fadimehang!—2020
  • Batla Dintlha Kaofela
    Fadimehang!—2020
  • Seo re Tlo Ithuta Sona
    Fadimehang!—2020
Fadimehang!—2020
g20 No. 3 leq. 3
Banna ba babedi ba tlo fetana tseleng. Monna e mong o bona seriti sa e mong se le seholo haholo ebile se tshosa.

Kgethollo Na O Na Le Kgethollo?

Kgethollo e tshwana le kokwanahloko e kudisang batho bao e ba tshwereng mme ba ka nna ba se ke ba hlokomela hore ba a kula.

Batho ba ka nna ba ba le kgethollo eseng feela ho batho ba naha, morabe kapa ba buang puo e nngwe empa hape le ho batho ba bodumedi, bong kapa ba maemo a sa tshwaneng le a bona. Ba bang ba kgetholla batho ho ya ka dilemo tsa bona, thuto eo ba nang le yona, bokowa kapa tsela eo ba shebahalang ka yona. Le ha ho le jwalo, ba ntse ba nahana hore ha ba na kgethollo.

Na ebe ho ka etsahala hore le wena o na le kgethollo? Bongata ba rona re kgona ho bona haeba batho ba bang ba na le kgethollo. Empa ho ka nna ha ba thata hore re bone ha re na le kgethollo. Ho bua nnete, kaofela ha rona re kgetholla batho ba bang ka tsela e itseng. Ha batho ba nahana dintho tse mpe ka morabe o itseng mme ba kopana le motho e mong wa morabe oo, moprofesa David Williams o re: “Ba tshwara motho eo ka tsela e fapaneng ba sa hlokomele le hore ba etsa jwalo.”

Ka mohlala, naheng ya Balkan moo Jovica a dulang teng, ho na le morabe o mong oo batho ba bangata ba sa o rateng. Jovica o re: “Ke ne ke nahana hore ha ho na motho wa morabe oo ya lokileng. Empa ke ne ke sa nahane hore ke na le kgethollo, hobane ke ne ke nka hore tsela eo ke ikutlwang ka yona ka morabe oo ke nnete.”

Dinaha tse ngata di etsa melao e thibelang batho hore ba kgethollane ka morabe kapa ba bontshe kgethollo ka ditsela tse ding. Ho ntse ho le jwalo, batho ba tswela pele ho kgethollana. Hobaneng? Hobane melao eo e bua feela ka dintho tseo batho ba sa lokelang ho di etsa. Empa ha e kgone ho laola tsela eo motho a nahanang le ho ikutlwa ka yona. Hape motho o qala ho ba le kgethollo ka pelong ya hae. Jwale na ebe ho na le mohla kgethollo e tla fela?

Sehlooho se latelang se tla bua ka melaomotheo e mehlano e thusitseng batho ba bangata ho hlola kgethollo.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share