Seo re Tlo Ithuta Sona
Batho ba na le maikutlo a fapaneng ka hore na bophelo bo bile teng jwang mona lefatsheng. Makasine ena ya Fadimehang! e tla o thusa hore o hlahlobe bopaki mme o iketsetse qeto ya hore na keng seo e leng nnete. Na dintho tsohle di bile teng ka mohlolo kapa di entswe ke Modimo? Ho tseba karabo ya potso ena ho ka o tswela molemo.