O KA ETSANG HA DITHEKO DI NTSE DI PHAHAMA?
Eba le Tshepo
Na theko ya dintho naheng eo o phelang ho yona e ntse e phahama ho feta mokgolo wa hao? Na o tshwenyehile ka ho hlokomela wena le ba lelapa la hao? Haeba ho jwalo, o ka nna wa tshwenyeha ka bokamoso. Le maemong a boima jwalo, ho ba le tshepo ke ntho ya bohlokwa haholo.
KE HOBANENG HA SEE E LE SA BOHLOKWA?
Ho ba le tshepo ha se feela ho dumela hore dintho tse ntle di tla etsahala. Empa ho akarelletsa ho etsa sohle seo re ka se kgonang ka boemo boo re tobaneng le bona. Ka mohlala, dipatlisiso di bontsha hore batho ba nang le tshepo . . .
ba kgona ho mamella maemo a boima
ba kgona ho fetofetoha le maemo
ba etsa diqeto tse ba thusang hore ba dule ba phetse hantle
SEO O KA SE ETSANG
Ntlha ya pele, hlokomela ka moo Bibele e ka o thusang ka teng hona jwale. Bibele e na le dikeletso tse ka o thusang ho sebetsana le ditheko tse ntseng di phahama. Dikeletso tsena di ka boetse tsa o thusa ho hlokomela hore ho na le seo o ka se etsang hona jwale esita le nakong e tlang ha maemo a eba boima le ho feta.
Ntlha ya bobedi, hlokomela seo Bibele e se buang ka bokamoso. Ha o hlokomela ka moo dikeletso tsa Bibele di leng bohlokwa ka teng, o tla batla ho ithuta haholwanyane ka hore na Bibele e rutang ka bokamoso. Ka mohlala, o tla ithuta hore Modimo ha a o batlele feela hore o be le “tshepo le bokamoso” empa o boetse o fane ka motheo wa tshepo eo, e leng Mmuso wa hae.—Jeremia 29:11.
MMUSO WA MODIMO KE ENG, HONA O TLO RE ETSETSA ENG?
Mmuso wa Modimo ke puso e tla busa lefatshe lohle. (Daniele 2:44; Matheu 6:10) Ka nako eo, ha ho motho ya tla utlwa bohloko kapa a futsanehe mme batho bohle ba tla phela ka kgotso ba e na le dintho tsohle tseo ba di hlokang hore ba thabe. Ditemana tse latelang di re:
Batho ba dimilione ba tshepa ditshepiso tsena, hobane ba kgodisehile hore Modimo ‘a ke ke a bua leshano.’ (Tite 1:2) Ke habohlokwa hore o iphe nako ya ho bala Bibele. Tshepo eo Bibele e fanang ka yona e ka o thusa ho mamella mathata a ditjhelete mme ya o kgodisa hore bokamoso bo tla ba molemo.