LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • bt kgao. 1 maq. 6-12
  • “Eyang le Etse . . . Barutuwa”

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • “Eyang le Etse . . . Barutuwa”
  • Ho Fana ka “Bopaki bo Hlakileng ka Mmuso wa Modimo”
  • Dihloohwana
  • Dintlha tse Ding
  • Mosebetsi o Moholo
  • Tlhaloso e Akaretsang ya Buka ya Diketso
  • Buka e re Thusang ho Ithuta Bibele
  • Ho Isa “Karolong e Holehole ya Lefatshe”
    Ho Fana ka “Bopaki bo Hlakileng ka Mmuso wa Modimo”
  • Ho Fana ka “Bopaki bo Hlakileng”
    Ho Fana ka “Bopaki bo Hlakileng ka Mmuso wa Modimo”
  • “Ho ke ho Etsahale Thato ya Jehova”
    Ho Fana ka “Bopaki bo Hlakileng ka Mmuso wa Modimo”
  • “Ha ke Molato wa Madi a Mang Kapa Mang”
    Ho Fana ka “Bopaki bo Hlakileng ka Mmuso wa Modimo”
Ho Fana ka “Bopaki bo Hlakileng ka Mmuso wa Modimo”
bt kgao. 1 maq. 6-12

KGAOLO YA 1

“Eyang le Etse . . . Barutuwa”

Tlhaloso e akaretsang ya buka ya Diketso Tsa Baapostola le seo re ithutang sona ho yona

1-6. Pheta phihlelo e bontshang hore Dipaki Tsa Jehova di bolela ditaba tse monate maemong a fapafapaneng.

NGWANANA ya bitswang Rebecca ke Paki ya Jehova Ghana mme o re sekolo e ne e le tshimo ya hae. O ne a dula a ena le dingolwa tsa Dipaki Tsa Jehova ka mokotleng wa hae wa dibuka tsa sekolo. Nakong ya kgefu, o ne a dula a le malalaalaotswe ho pakela diithutimmoho le yena. Ho na le diithuti tse mmalwa tseo Rebecca a ileng a ithuta Bibele le tsona.

2 Sehlekehlekeng sa Madagascar, haufi le lebopo le ka botjhabela la Afrika, ho na le bopulamadiboho ba babedi ba neng ba tlwaetse ho tsamaya dikhilomithara tse 25 motjhesong o ntshang kwena bodibeng ba eya motsaneng o hole. Ha ba fihla teng ba ne ba ithuta Bibele le batho ba mmalwa ba thahasellang.

3 Dipaki tsa Paraguay ha mmoho le baithaopi ba tswang dinaheng tse ding tse 15 ba ile ba etsa seketswana e le hore ba ka kgona ho etela batho ba dulang haufi le noka ya Paraguay le ya Paraná. Batho ba 12 ba ka dula ka hara seketswana seo se boima ba dithane tse 45. Baboledi ba Mmuso ba tjhesehang ba dulang seketswaneng sena ba phatlaladitse ditaba tse monate dibakeng tseo ho seng bonolo ho fihla ho tsona.

4 Leboya le Hole, Dipaki tsa Alaska di ne di sebedisa monyetla o ikgethang wa ho paka hlabula ha ho ena le bahahlaudi ba bangata. Ha ho futhumala, dikepe tse kgolo tsa baeti ba ditjhaba tse fapafapaneng di ne di fihla sebakeng sena, mme Dipaki tsa moo di ne di ema boemaekepeng di tshwere dingolwa tsa rona ka dipuo tse sa tshwaneng. Sebakeng sona seo, sefofane se ile sa thusa haholo bakeng sa hore ho fihlwe metsaneng e hole, e le hore batho ba buang dipuo tse kang Sealeute, Seathabaska, Setsimshiane le Setlingite ba ka bolellwa ditaba tse monate.

5 Larry wa Texas, U.S.A., o ne a ena le tshimo e kgethehileng​—o ne a pakela batho lehaeng la batho ba hlokang tlhokomelo leo a neng a dula ho lona. Le hoja Larry a tsamaya ka wheelchair ka lebaka la kotsi e ileng ya mo hlahela, o ne a dula a le maphathaphathe. O ne a bolella ba bang molaetsa wa Mmuso, ha mmoho le tshepo eo a e fumaneng Bibeleng ya hore o tla boela a kgona ho tsamaya ha Mmuso oo o se o busa.​—Esa. 35:​5, 6.

6 Dipaki tse ding di ile tsa tsamaya matsatsi a mararo ka seketswana di tloha Mandalay di ya kopanong karolong e ka leboya ya Myanmar. Ka ha di ne di labalabela ho bolela ditaba tse monate, di ile tsa tsamaya di nkile dingolwa tse thehilweng Bibeleng, tseo di neng di di fa baeti. Nako le nako ha seketswana seo se ema toropong kapa motsaneng o itseng, baboledi bao ba mahlahahlaha ba ne ba itlhahanella motseng, ba fa batho dingolwa. Ka nako e tshwanang, ho ne ho palama baeti ba batjha seketswaneng seo, ebe baboledi bao ba Mmuso ba fumana “tshimo e ntjha” ha ba kgutla.

7. Barapedi ba Jehova ba paka ka Mmuso wa Modimo ka ditsela dife, hona morero wa bona ke ofe?

7 Jwalo ka ha mehlala ya bara le baradi ba bo rona e bontsha, barapedi ba Jehova ba tjhesehang lefatsheng ka bophara ba fana ka “bopaki bo hlakileng ka Mmuso wa Modimo.” (Dik. 28:​23) Ba ya ka ntlo le ntlo, ba ngola mangolo, ba bua le batho seterateng le ka fono. Ebang ba palame bese, ba otlolla maoto serapeng sa boikgathollo kapa ba kgefuditse mosebetsing, ba dula ba le malalaalaotswe ho paka ka Mmuso wa Modimo. Ba sebedisa ditsela tse fapafapaneng empa morero wa bona o a tshwana​—ke ho bolela ditaba tse monate hohle moo batho ba leng teng.​—Mat. 10:11

8, 9. (a) Ke hobaneng ha se finyeletsweng mosebetsing wa ho bolela ka Mmuso se hlolla? (b) Ho hlaha potso efe e thahasellisang, hona ho hlokahala re etseng hore re fumane karabo?

8 Mmadi ya ratehang, na o e mong wa baboledi ba Mmuso ba bangata bao hona jwale ba bolelang ditaba tse monate dinaheng tse fetang 235? Haeba ho jwalo, o kentse letsoho kgolong e thabisang ya mosebetsi wa ho bolela ka Mmuso! Se finyeletsweng mosebetsing wa boboledi lefatsheng ka bophara se a hlolla. Ho sa tsotellehe ditshitiso le mathata a boima​—ho akarelletsa le ho thibelwa ke mebuso le ho hloriswa​—Dipaki Tsa Jehova di fana ka bopaki bo hlakileng ka Mmuso wa Modimo bathong ba ditjhaba tsohle.

9 Potso e thahasellisang ke ena, Ke hobaneng ha ditshitiso, esita le kganyetso ya Satane, di sa thibela mosebetsi wa ho bolela ka Mmuso? E le ho araba potso eo, ho hlokahala hore re nahane ka se ileng sa etsahala lekgolong la pele la dilemo C.E. Etswe, rona Dipaki Tsa Jehova tsa kajeno re mpa re ntshetsa pele mosebetsi o qadilweng nakong eo.

Mosebetsi o Moholo

10. Jesu o ne a iteletse mosebetsi ofe, mme o ne a tseba eng ka wona?

10 Mothehi wa phutheho ya Bakreste, e leng Jesu Kreste, o ne a iteletse mosebetsi wa ho bolela ditaba tse monate tsa Mmuso wa Modimo; o ne o le mading. O kile a re: “Ke tlameha ho ya metseng e meng ke hase molaetsa ona o monate wa Mmuso wa Modimo, hobane ke rometswe ho etsa jwalo.” (Luka 4:​43) Jesu o ne a tseba hore mosebetsi ona oo a o simollang a ke ke a o phetha a le mong. Nakwana pele a eshwa, o ile a profeta hore molaetsa wa Mmuso o ne o tla bolelwa “ditjhabeng tsohle.” (Mar. 13:​10) Le ha ho le jwalo, mosebetsi oo o ne o tla etswa jwang, hona o etswa ke bomang?

Jesu o bua le balatedi ba hae ba bangata.

“Eyang le etse batho ba ditjhaba tsohle barutuwa.”​—Matheu 28:19

11. Jesu o ile a fa barutuwa ba hae mosebetsi ofe wa bohlokwa, mme ba ne ba tla tshehetswa jwang hore ba o etse?

11 Ka mora hore Jesu a shwe mme a tsohe bafung, o ile a hlaha ho barutuwa ba hae mme a ba fa mosebetsi wa bohlokwa, a re: “Ka hona, eyang le etse batho ba ditjhaba tsohle barutuwa, le ba kolobetse ka lebitso la Ntate le la Mora le la moya o halalelang, le ba rute ho mamela dintho tsohle tseo ke le laetseng tsona. Ke na le lona ka matsatsi ohle ho fihlela lefatshe le fela.” (Mat. 28:​19, 20) Mantswe a reng “ke na le lona” a ne a bontsha hore o tla tshehetsa barutuwa mosebetsing wa ho bolela le ho etsa barutuwa. Ho ne ho tla hlokahala hore Jesu a ba tshehetse, hobane o ne a profetile hore ‘ditjhaba tsohle di tla ba hloya.’ (Mat. 24:9) Barutuwa ba ne ba tla boela ba fumana thuso e tswang mohloding o mong. Nakwana pele Jesu a nyolohela lehodimong o ile a ba bolella hore moya o halalelang o tla ba matlafatsa hore e be dipaki tsa hae ho isa “karolong e holehole ya lefatshe.”​—Dik. 1:8.

12. Ho hlaha dipotso dife tsa bohlokwa, mme ke hobaneng ha e le habohlokwa hore re tsebe dikarabo?

12 Jwale ho hlaha dipotso tsa bohlokwa: Na baapostola ba Jesu le barutuwa ba bang ba lekgolong la pele la dilemo ba ile ba nka mosebetsi wa bona ka ho teba? Na sehlotshwana see sa banna le basadi ba Bakreste se ile sa fana ka bopaki bo hlakileng ka Mmuso wa Modimo ho sa tsotellehe mahloriso a sehloho? Na ka nnete ba ile ba fumana thuso e tswang ho Jehova, Jesu, mangeloi le moya o halalelang mosebetsing wa bona wa ho etsa barutuwa? Buka ya Bibele ya Diketso e araba dipotso tsena ha mmoho le tse ding tse tshwanang le tsona. Ke habohlokwa hore re tsebe dikarabo tsa tsona. Hobaneng? Jesu o ile a tshepisa hore mosebetsi oo a faneng ka wona o ne o tla tswela pele “ho fihlela lefatshe le fela.” Ka lebaka leo, mosebetsi ona o lokela ho etswa ke Bakreste bohle ba nnete, ho akarelletsa le rona ba phelang nakong ena ya bofelo. Ka lebaka leo re thahasella haholo tlaleho e bukeng ya Diketso ya dintho tse etsahetseng nakong e fetileng.

Tlhaloso e Akaretsang ya Buka ya Diketso

13, 14. (a) Ke mang ya ngotseng buka ya Diketso, hona o ile a fumana ditaba tsa yona jwang? (b) Buka ya Diketso e bua ka eng?

13 Ke mang ya ngotseng buka ya Diketso? Ha ho moo buka ena e bolelang mongodi wa yona ka lebitso, empa selelekela sa yona se bontsha ka ho hlaka hore Diketso le Kosepele ya Luka di ngotswe ke motho a le mong. (Luka 1:​1-4; Dik. 1:​1, 2) Ka hoo, ho tloha kgale, ho nnile ha dumelwa hore Luka, e leng “ngaka e ratwang” le rahistori ya hlokolosi, ke yena ya ngotseng Diketso. (Bakol. 4:​14) Buka ena e hlalosa ditaba tse etsahetseng ka dilemo tse 28, ho tloha ha Jesu a nyolohela lehodimong ka 33 C.E. ho fihlela ha moapostola Pauluse a kenngwa teronkong Roma hoo e ka bang ka 61 C.E. Hore ebe Luka ha a sa re “ba” o se a re “re” tlalehong ena ho bontsha hore o ne a le teng ha dintho tse ngata tseo a buang ka tsona di etsahala. (Dik. 16:​8-10; 20:5; 27:1) Ka ha Luka o ne a fuputsa ka hloko, ha ho pelaelo hore o ile a fumana ditaba ka ho toba ho Pauluse, Barnabase, Filipi le ba bang bao a buileng ka bona.

14 Buka ya Diketso e bua ka eng? Kosepeleng eo Luka a e ngotseng pejana, o ile a bua ka dintho tseo Jesu a di entseng le tseo a di buileng. Le ha ho le jwalo, bukeng ya Diketso Luka o bua ka dintho tseo balatedi ba Jesu ba di buileng le tseo ba di entseng. Ka hona, Diketso e bua ka batho ba ileng ba etsa mosebetsi o tswileng matsoho, le hoja ba bang ba ne ba nka hore bongata ba bona ke “batho feela ba tlwaelehileng ba sa rutehang.” (Dik. 4:​13) Ka bokgutshwanyane, buka ena e buduletsweng e re bolella ka moo phutheho ya Bakreste e qadileng ka teng le ka moo e ileng ya hola ka teng. Buka ya Diketso e bontsha ka moo Bakreste ba lekgolong la pele la dilemo ba neng ba bolela ditaba tse monate ka teng​—mekgwa eo ba neng ba e sebedisa le ka moo ba neng ba nka mosebetsi ona ka teng. (Dik. 4:​31; 5:​42) E hlalosa hore na moya o halalelang o ile wa ba thusa jwang ha ba bolela ditaba tse monate. (Dik. 8:​29, 39, 40; 13:​1-3; 16:6; 18:​24, 25) Diketso e totobatsa sehlooho sa Bibele, se amanang le ho halaletswa ha lebitso la Modimo a sebedisa Mmuso wa hae oo Kreste e leng morena wa wona, mme e bontsha ka moo Bakreste ba ileng ba bolela molaetsa wa Mmuso ka teng le ha ba hanyetswa ka matla.​—Dik. 8:​12; 19:8; 28:​30, 31.

15. Re tla rua molemo jwang ka ho bala buka ya Diketso?

15 Ka sebele, ho bala buka ya Bibele ya Diketso ho a thabisa ebile ho matlafatsa tumelo! Ho nahana ka mohlala wa balatedi ba Kreste ba pele ba sebete le ba tjhesehang ho tla re susumetsa ka matla. Re tla susumelletseha ho ba le tumelo e kang ya bara le baradi babo rona ba lekgolong la pele la dilemo. Ka tsela eo re tla hlomellwa hantle hore re phethe mosebetsi wa rona wa ho ‘ya mme re etse barutuwa.’ Morero wa buka ena eo o ntseng o e bala ke ho o thusa ho ithuta buka ya Diketso ka hloko.

Buka e re Thusang ho Ithuta Bibele

16. Buka ee e reretswe ho etsa dintho dife tse tharo?

16 Buka ee e ngotswe ka morero ofe? Buka ena e reretswe ho etsa dintho tse tharo, e leng (1) ho re kgodisa haholwanyane hore Jehova o sebedisa moya wa hae o halalelang ho tshehetsa mosebetsi wa ho bolela ka Mmuso le ho etsa barutuwa, (2) ho re susumetsa hore re tjhesehe tshebeletsong ka ho hlahloba mohlala wa balatedi ba Kreste ba lekgolong la pele la dilemo, le (3) ho re thusa ho hlompha mokgatlo o hlophisitsweng wa Jehova haholwanyane le ho hlompha ba etellang pele mosebetsing wa boboledi le wa ho alosa diphutheho.

17, 18. Buka ee e ngotswe jwang, hona e na le ditshobotsi dife tse tla re tswela molemo ha re etsa thuto ya botho ya Bibele?

17 Buka ee e ngotswe jwang? O tla hlokomela hore e arotswe dikarolo tse robedi, mme e nngwe le e nngwe e tshohla karolo e itseng ya buka ya Diketso. Morero wa dikgaolo tse latelang hase ho hlalosa temana e nngwe le e nngwe ya Diketso, empa ke ho bontsha hore na re ka ithuta eng diketsahalong tse boletsweng bukeng eo ya Bibele le ho re thusa ho bona ka moo re ka sebedisang dintlha tseo re ithutileng tsona. Qalong ya kgaolo ka nngwe, ho na le karolo e hlalosang mokotaba mme ho na le Lengolo le bontshang karolo ya Diketso e tla tshohlwa.

18 Ho na le dintho tse ding bukeng ena tse tla re tswela molemo ha re etsa thuto ya botho ya Bibele. Ditshwantsho tse ntle tse bontshang diketsahalo tse susumetsang maikutlo tse boletsweng bukeng ya Diketso di tla o thusa hore ha o ntse o nahana ka tlaleho ena ya Bibele o bone se neng se etsahala. Dikgaolo tse ngata di na le mabokose a nang le dintlha tse eketsehileng tse molemo. Mabokose a mang a bua ka motho ya itseng ka Bibeleng eo tumelo ya hae e leng mohlala oo re ka o etsisang. A mang a fana ka dintlha tse eketsehileng ka dibaka, diketsahalo, mekgwa kapa batho ba bang ba boletsweng ho Diketso.

Morabo rona o bontsha banyalani hore na ba sebetse hokae ha ba le tshimong e abuweng.

Sebetsa tshimo eo o e abetsweng o hopola hore nako e lekane motinyane

19. Re lokela ho itekola jwang nako le nako?

19 Buka ena e ka o thusa hore o itekole. Ho sa tsotellehe hore na ke nako e kae o le mmoledi wa Mmuso, ke hantle hore nako le nako o iphe nako ya ho bona hore na ke dintho dife tseo o di nkang e le tsa bohlokwa le hore na o ikutlwa jwang ka tshebeletso ya Bokreste. (2 Bakor. 13:5) Ipotse: ‘Na tshebeletso ya ka e bontsha hore ke dula ke hopola hore nako e lekane motinyane? (1 Bakor. 7:​29-31) Na ha ke bolela ditaba tse monate ke bontsha hore ke kgodisehile ebile ke a tjheseha? (1 Bathes. 1:​5, 6) Na ke ikakgela ka setotswana mosebetsing wa ho bolela le ho etsa barutuwa?’​—Bakol. 3:23.

20, 21. Ke hobaneng ha mosebetsi wa rona e le wa bohlokwa hakaale, hona re lokela ho ikemisetsa ho etsang?

20 A re duleng re hopola hore re laetswe ho etsa mosebetsi wa bohlokwa​—e leng ho bolela le ho etsa barutuwa. Ha letsatsi ka leng le ntse le feta, mosebetsi oo e ntse e eba wa bohlokwa le ho feta. Bofelo ba tsamaiso ena ya dintho bo atamela ka potlako. Ha ho mohla bophelo ba batho ba bangata bo kileng ba eba kotsing hakana! Ha re tsebe hore na ke batho ba bakae ba nang le tshekamelo e nepahetseng ba sa ntseng ba tla amohela molaetsa wa rona. (Dik. 13:​48) Empa re na le boikarabelo ba ho ba thusa, esere ra haha serobe phiri e se e jele.​—1 Tim. 4:16.

21 Ka hoo, ke habohlokwa hore re etsise mohlala wa baboledi ba Mmuso ba tjhesehang ba lekgolong la pele la dilemo. E se eka ha o ntse o ithuta buka ena ka hloko o ka susumelletseha ho bolela ditaba tse monate ka tjheseho e kgolo le sebete. Mme e se eka o ka ikemisetsa haholwanyane ho tswela pele o fana ka “bopaki bo hlakileng ka Mmuso wa Modimo.”​—Dik. 28:23.

DILEMO TSA BOHLOKWA TSE AMANANG LE HO NAMA HA BOKRESTE LEKGOLONG LA PELE LA DILEMO C.E.

  1. Ka 33

    Jesu o tsoha bafung

    Jesu o laela balatedi ba hae hore ba etse barutuwa

    Barutuwa ba tlotswa ka moya o halalelang ka Pentekonta

    Ho thehwa phutheho ya Bakreste

  2. Hoo e ka bang ka 33-34

    Setefane o bolaelwa tumelo

    Letona la Ethiopia le a kolobetswa

  3. Hoo e ka bang ka 34

    Saule wa Tarsase wa sokoloha

  4. Hoo e ka bang ka 34-36

    Saule o bolela ditaba tse monate Damaseka

  5. Hoo e ka bang ka 36

    Pauluse o etela Jerusalema ka lekgetlo la pele e le molatedi wa Kreste

    Pauluse o etela Petrose Jerusalema (Bagal. 1:18)

  6. Ka 36

    Korneliase o a sokoloha

    Baditjhaba ba pele eba Bakreste

  7. Hoo e ka bang ka 41

    Ho ngolwa Kosepele ya Matheu

    Pono ya Pauluse ya ‘lehodimo la boraro’ (2 Bakor. 12:2)

  8. Hoo e ka bang ka 44

    Agabase o profeta hore ho tla ba le tlala e kgolo

    Jakobo (mora wa Zebedea) o bolaelwa tumelo

    Petrose o kenngwa teronkong, o lokollwa ka mohlolo

  9. Ka 44

    Heroda Agripa I o a shwa

  10. Hoo e ka bang ka 46

    Ho ba le tlala e kgolo eo ho profetilweng ka yona

    Pauluse o tlisa diphallelo Jerusalema

  11. Hoo e ka bang ka 47-48

    Leeto la pele la Pauluse e le moromuwa

  12. Hoo e ka bang ka 49

    Kgang ya lebollo Antioke

    Seboka se ileng sa tshwarwa Jerusalema

    Pauluse o kgalemela Petrose (Bagal. 2:​11-14)

  13. Hoo e ka bang ka 49-52

    Leeto la bobedi la Pauluse e le moromuwa

    Barnabase le Mareka ba bolela ditaba tse monate Saeprase

  14. Hoo e ka bang ka 49-50

    Claudiase o leleka Bajuda Roma

  15. Hoo e ka bang ka 50

    Luka o tsamaya le Pauluse ho tloha Troase

    Pauluse o bona monna wa Macedonia ponong

    Pauluse o etela Filipi

    Ho thehwa phutheho Filipi

    Ho thehwa phutheho Thesalonika

    Pauluse o etela Athene

  16. Hoo e ka bang ka 50-52

    Pauluse o etela Korinthe

    Ho ngolwa 1 Bathesalonika

    Ho ngolwa Bagalata

  17. Hoo e ka bang ka 51

    Ho ngolwa 2 Bathesalonika

  18. Hoo e ka bang ka 52-56

    Leeto la boraro la Pauluse e le moromuwa

  19. Hoo e ka bang ka 52-55

    Pauluse o etela Efese

  20. Hoo e ka bang ka 55

    Ho ngolwa 1 Bakorinthe

    Tite o romelwa Korinthe

    Ho ngolwa 2 Bakorinthe

  21. Hoo e ka bang ka 56

    Ho ngolwa Baroma

    Pauluse o tsosa Eutikase bafung Troase

    Pauluse le Luka ba dula ha Filipi, Sesarea

    Pauluse o a tshwarwa Jerusalema

  22. Hoo e ka bang ka 56-58

    Pauluse o ditlamong Sesarea

    Ho ngolwa Kosepele ya Luka

  23. Hoo e ka bang ka 58

    Festase o hlahlama Felixe

  24. Ka 58

    Heroda Agripa II o mamela Pauluse

  25. Hoo e ka bang ka 59-61

    Pauluse o kenngwa teronkong ka lekgetlo la pele Roma

  26. Hoo e ka bang ka 60-61

    Ho ngolwa Bakolose

    Ho ngolwa Baefese

    Ho ngolwa Filemone

    Ho ngolwa Bafilipi

  27. Hoo e ka bang ka 60-65

    Ho ngolwa Kosepele ya Mareka

  28. Hoo e ka bang ka 61

    Ho ngolwa Diketso

    Ho ngolwa Baheberu

  29. Hoo e ka bang ka 61-64

    Ho ngolwa 1 Timothea

    Tite o sala Kreta (Tite 1:5)

    Ho ngolwa Tite

  30. Pele ho 62

    Ho ngolwa Jakobo

  31. Hoo e ka bang ka 62-64

    Ho ngolwa 1 Petrose

  32. Hoo e ka bang ka 64

    Ho ngolwa 2 Petrose

  33. Hoo e ka bang ka 65

    Pauluse o kenngwa teronkong ka lekgetlo la bobedi Roma

    Ho ngolwa 2 Timothea

    Tite o ya Dalmatia (2 Tim. 4:10)

    Pauluse o a bolawa

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share