KGAOLO YA 7
Ho Bolela “Ditaba Tse Monate Tse Buang ka Jesu”
Filipi o beha mohlala o motle e le moevangedi
E Thehilwe ho Diketso 8:4-40
1, 2. Boiteko ba ho kwala batho ba Modimo molomo bo ile ba ba le phello efe e sa lebellwang lekgolong la pele la dilemo?
HO TSOHILE mahloriso a sehloho, mme Saule o qala ho “hlasela phutheho”—ka puo ya pele sena se bolela tshwaro e sehloho. (Dik. 8:3) Barutuwa ba a baleha, mme ba bang ba ka nna ba bona eka morero wa Saule wa ho fedisa Bokreste o tla atleha. Le ha ho le jwalo, ho hasana ha Bakreste ho ba le diphello tse sa lebellwang. Ke dife?
2 Ba hasaneng ba qala ho “bolela ditaba tse monate tsa lentswe la Modimo” dinaheng tseo ba balehetseng ho tsona. (Dik. 8:4) Nahana feela! Mahloriso ha a hloleha feela ho kwala batho ba Modimo molomo empa ha e le hantle a thusitse ho phatlalatsa molaetsa! Ka ho hasanya barutuwa, ba sa ikemisetsa bahlorisi ba entse hore mosebetsi wa ho bolela ka Mmuso o namele dibakeng tse hole. Jwalo ka ha re tla bona, ho etsahetse se tshwanang mehleng ena.
“Ba Neng ba Hasane” (Diketso 8:4-8)
3. (a) Filipi ke mang? (b) Ke hobaneng ha batho ba bangata ba ne ba eso utlwe ditaba tse monate Samaria, empa Jesu o ne a profetile hore ho tla etsahalang sebakeng seo?
3 Filipi ke e mong wa “ba neng ba hasane.”a (Dik. 8:4; sheba lebokose la sehlooho se reng: “Filipi ‘Moevangedi.’”) O ile a ya Samaria, e leng motse oo ho wona batho ba bangata ba neng ba eso utlwe ditaba tse monate, hobane Jesu o ne a kile a re ho baapostola: “Le se ke la ya . . . motseng ofe kapa ofe wa Basamaria empa le nne le ye dinkung tse lahlehileng tsa ntlo ya Iseraele.” (Mat. 10:5, 6) Le ha ho le jwalo, Jesu o ne a tseba hore ka mora nako bopaki bo phethahetseng bo ne bo tla fihla Samaria, hobane pele a nyolohela lehodimong, o ile a re: “Le tla ba dipaki tsa ka Jerusalema, dibakeng tsohle tsa Judea le Samaria le karolong e holehole ya lefatshe.”—Dik. 1:8.
4. Basamaria ba etsang ha Filipi a ba bolella ditaba tse monate, hona e ka nna yaba ba susumeditswe keng hore ba etse jwalo?
4 Filipi o ile a hlokomela ka moo Samaria e “sweufetseng ka teng bakeng sa kotulo.” (Joh. 4:35) Molaetsa wa hae o ile wa kgatholla batho ba dulang moo, mme e le ka lebaka le utlwahalang. Bajuda ba ne ba sa sebedisane mmoho le Basamaria, mme ba bangata ba bile ba ba nena. Ka lehlakoreng le leng, Basamaria ba ile ba hlokomela hore molaetsa wa ditaba tse monate ha o kgethe, mme o fapane haholo le monahano wa Bafarisi ba leeme. Ka ho pakela Basamaria ka tjheseho le ka ho hloka leeme, Filipi o ile a bontsha hore ha a tshwaetswa ke kgethollo ya ba neng ba ba kgella fatshe. Ka hoo, ha ho makatse hore ebe “batho bohle” ba Basamaria ba ile ba mamela Filipi.—Dik. 8:6.
5-7. Bolela mehlala ya ka moo ho hasana ha Bakreste ho thusitseng hore ditaba tse monate di phatlalatswe.
5 Jwalo ka lekgolong la pele la dilemo, le kajeno mahloriso ha a kwala batho ba Modimo molomo. Kgafetsa, ha Bakreste ba qobellwa ho fallela sebakeng se seng—ebang ba tswa teronkong kapa naheng e nngwe ho ya ho e nngwe—seo se ba thusitse ho bolella batho ba sebakeng seo se setjha molaetsa wa Mmuso. Ka mohlala, nakong ya Ntwa ya II ya Lefatshe, Dipaki Tsa Jehova di ile tsa fana ka bopaki bo matla dikampong tsa mahloriso tsa Manazi. Mojuda e mong ya ileng a kopana le Dipaki dikampong tseo tsa mahloriso, o re: “Sebete sa batshwaruwa bao e neng e le Dipaki Tsa Jehova se ile sa nkgodisa hore tumelo ya bona e thehilwe Mangolong—mme le nna ka ba Paki.”
6 Maemong a mang, esita le bahlorisi ba ile ba amohela molaetsa mme ba nka kgato. Ka mohlala, ha Paki e bitswang Franz Desch a iswa kampong ya mahloriso ya Gusen, Austria, o ile a kgona ho kgannela lesole la SS thuto ya Bibele. Nahana feela hore na ba ile ba thaba hakaakang ka mora dilengwana ha ba teana kopanong ya Dipaki Tsa Jehova mme bobedi ba bona e le baboledi ba ditaba tse monate!
7 Ho etsahetse ntho e tshwanang ha mahloriso a etsa hore Bakreste ba balehele dinaheng tse ding. Ka mohlala, dilemong tsa bo1970, Dipaki tsa Malawi di ile tsa fana ka bopaki bo matla Mozambique ha di balehetse teng. Esita le ha ho tsoha kganyetso ha morao Mozambique, mosebetsi wa boboledi o ile wa tswela pele. Francisco Coana o re: “Ke nnete hore ba bang ba rona ba ile ba tshwarwa ka makgetlo a mmalwa ka lebaka la mosebetsi wa rona wa boboledi. Le ha ho le jwalo, ha ba bangata ba amohela molaetsa wa Mmuso, re ile ra kgodiseha hore re thuswa ke Modimo, feela jwalo ka ha a ile a thusa Bakreste ba lekgolong la pele la dilemo.”
8. Maemo a dipolotiki le a moruo a bile le phello efe mosebetsing wa boboledi?
8 Ke nnete hore mahloriso hase wona feela a entseng hore Bokreste bo namele dinaheng tse ding. Dilemong tse mashome tsa morao tjena, diphetoho tsa dipolotiki le tsa moruo di butse menyetla ya hore molaetsa wa Mmuso o fihle ho batho ba dipuo le ditjhaba tse ngata. Ba bang ba tswang dinaheng tse tsekolotsweng ke dintwa le tse futsanehileng ba balehetse dibakeng tse batlang di tsitsitse mme ba qala ho ithuta Bibele dinaheng tseo ba balehetseng ho tsona. Ho fihla ha baphaphathehi ba bangata ho entse hore ho be le masimo a batho ba buang dipuo tsa dinaha tse ding. Na o ikitlaelletsa ho pakela batho ba tshimong ya heno ba tswang ‘ditjhabeng tsohle, malokong ohle, merabeng yohle le dipuong tsohle’?—Tshen. 7:9.
“Le Nna Mpheng Matla Ana” (Diketso 8:9-25)
“Simone a bona hore ha baapostola ba beha batho matsoho ba fumana moya o halalelang. Jwale a ba tshepisa tjhelete.”—Diketso 8:18
9. Simone e ne e le mang, hona e ka nna yaba ke eng e ileng ya etsa hore a thahaselle Filipi?
9 Filipi o ile a etsa dipontsho tse ngata Samaria. Ka mohlala, o ile a phekola batho ba holofetseng a ba a leleka meya e kgopo. (Dik. 8:6-8) Monna e mong o ile a kgahlwa haholo ke mehlolo eo Filipi a neng a e etsa. Monna eo ke Simone, ya neng a ena le tsebo ya boselamose mme a nkelwa hodimo hoo batho ba neng ba re ka yena: “Monna enwa o na le matla a maholo a Modimo.” Simone o ile a bona matla a nnete a Modimo, a pakwang ke mehlolo e etswang ke Filipi, mme ya eba modumedi. (Dik. 8:9-13) Le ha ho le jwalo, ho na le teko e ileng ya senola hore na Simone o ne a susumetswa ke eng. Ke efe?
10. (a) Petrose le Johanne ba ile ba etsang Samaria? (b) Simone o ile a etsang ha a bona barutuwa ba batjha ba amohela moya o halalelang ha Petrose le Johanne ba beha matsoho hodima bona?
10 Ha baapostola ba lemoha hore ho na le keketseho Samaria, ba ile ba romela Petrose le Johanne moo. (Sheba lebokose la sehlooho se reng: “Petrose o Sebedisa ‘Dinotlolo Tsa Mmuso.’”) Ha baapostola bao ba babedi ba fihla, ba ile ba beha matsoho hodima barutuwa ba batjha, yaba e mong le e mong wa bona o fumana moya o halalelang.b Ha Simone a bona sena, o ile a hlollwa. A re ho baapostola: “Le nna mpheng matla ana e le hore motho e mong le e mong eo ke mo behang matsoho a ka fumana moya o halalelang.” Simone o bile a ba tshepisa tjhelete, a nahana hore a ka reka matla ana a tswang ho Modimo!—Dik. 8:14-19.
11. Petrose o reng ha a kgalemela Simone, hona Simone o reng?
11 Petrose o ile a kgalemela Simone ka matla. Moapostola Petrose o ile a re ho yena: “E se eka o ka timetswa mmoho le silevera ya hao hobane o ne o nahana hore o ka reka mpho ya Modimo ya mahala. Ha ho na moo o kenang tabeng ena hobane Modimo wa bona hore ha o tshepahale.” Yaba Petrose o eletsa Simone hore a bake mme a rapelle hore a tshwarelwe. Petrose a re: “O rapele ka matla e le hore mohlomong Jehova a ka o tshwarela.” Ho hlakile hore Simone e ne e se motho ya kgopo; o ne a batla ho etsa se nepahetseng, o ile a mpa a re kgiri! feela. Ka hoo o ile a ipiletsa ho baapostola, a re: “Ke kopa lona le nthapelle ho Jehova e le hore dintho tseo le di buileng di se ke tsa nketsahalla.”—Dik. 8:20-24.
12. “Bosimone” ke eng, hona leraba lee le tshwasitse Bokrestemmotwana jwang?
12 Tsela eo Petrose a ileng a kgalemela Simone ka yona ke temoso ho Bakreste kajeno. Ha e le hantle, lentswe la Senyesemane “simony” (bosimone) le qapilwe ka lebaka la ketsahalo ena. Bosimone bo bolela ho reka kapa ho rekisa maemo, haholoholo a bodumedi. Ho na le mehlala e mengata ya mokgwa ona bodumeding ba bokwenehi ba Bokrestemmotwana. Ha e le hantle, kgatiso ya borobong ya The Encyclopædia Britannica (1878) e re: “Ha seithuti se hlahloba tlaleho ya ho kgethwa ha Bapapa se fihlela qeto ya hore ha ho dikgetho tse kileng tsa etswa ho se na bosimone, mme maemong a mangata bosimone bo etswang dikgethong e bile bo bobe ka ho fetisisa, bo swabisang ka ho fetisisa le bo totobetseng ka ho fetisisa.”
13. Bakreste ba tlameha ho qoba bosimone ka ditsela dife?
13 Bakreste ba tlameha ho qoba sebe sa bosimone. Ka mohlala, ha ba a lokela ho leka ho fumana menyetla ka ho fana ka dimpho tse ngata kapa thoriso e feteletseng ho bao ho bonahalang eka ba ka kgona ho fana ka boikarabelo bo eketsehileng ka phuthehong. Ka lehlakoreng le leng, bao ho nkwang hore ba boemong ba ho fa ba bang menyetla ba lokela ho qoba ho ba leeme mme ba se ke ba e fa batho ba ruileng feela. Maemo ana ka bobedi ke bosimone. Ka sebele, bahlanka bohle ba Modimo ba lokela ho itshwara jwalo ka ‘ba banyenyane,’ ba emele moya wa Jehova hore o ba fe boikarabelo bo kgethehileng. (Luka 9:48) Batho ba lekang ho ‘ipatlela thoriso’ ha ba amohelehe mokgatlong o hlophisitsweng wa Modimo.—Diprov. 25:27.
“Na o Utlwisisa Ntho eo o e Balang?” (Diketso 8:26-40)
14, 15. (a) Letona la Ethiopia e ne e le mang, hona Filipi o le fumane jwang? (b) Monna wa Moethiopia o ile a etsang ha a utlwa molaetsa wa Filipi, hona ke hobaneng ha ho kolobetswa ha hae e ne e se ha lepotlapotla? (Sheba mongolo o botlaseng ba leqephe.)
14 Lengeloi la Jehova la laela Filipi hore a tsamaye ka tsela e tlohang Jerusalema e yang Gaza. Haeba Filipi o ne a ipotsa hore na ke hobaneng ha a lokela ho ya moo, o ile a fumana karabo kapele hoba a kopane le letona la Ethiopia le neng le “bala buka ya moprofeta Esaia ka lentswe le phahameng.” (Sheba lebokose la sehlooho se reng: “Leqhalaha la Ethiopia e ne e le Mang?”) Moya o halalelang wa Jehova o ile wa susumelletsa Filipi hore a ye kariking ya monna eo. Ha a ntse a matha haufi le yona, o ile a botsa Moethiopia eo, a re: “Na o utlwisisa ntho eo o e balang?” Moethiopia a araba ka ho re: “Nka utlwisisa jwang ho se na motho ya ntlhalosetsang?”—Dik. 8:26-31.
15 Moethiopia o ile a re Filipi a palame kariki. Nahana feela hore na ba ile ba bua ka eng! E ne e bile sephiri ka nako e telele hore na “nku,” kapa “mohlanka,” eo ho buuwang ka yena boprofeteng ba Esaia ke mang. (Esa. 53:1-12) Empa ha ba ntse ba tsamaya, Filipi o ile a hlalosetsa letona la Ethiopia hore boprofeta bona bo phethahetse ho Jesu Kreste. Jwalo ka batho ba ileng ba kolobetswa ka Pentekonta ya 33 C.E., Moethiopia eo—ya neng a se a sokolohetse Bojudeng—o ne a tseba hantle hore na o lokela ho etsang. O ile a re ho Filipi: “Metsi ke ana. Nka thibelwa keng hore ke kolobetswe?” Filipi o ile a kolobetsa Moethiopia eo ntle ho tshenyo ya nako!c (Sheba lebokose la sehlooho se reng: “Ho Kolobetswa ‘Metsing.’”) Ka mora moo, moya wa Jehova o ile wa isa Filipi kabelong e ntjha Ashdode, moo a ileng a tswela pele ho bolela ditaba tse monate.—Dik. 8:32-40.
16, 17. Mangeloi a phetha karolo efe mosebetsing wa boboledi kajeno?
16 Kajeno Bakreste ba na le tlotla ya ho etsa mosebetsi o kang o neng o etswa ke Filipi. Hangata, ba ba le monyetla wa ho bolela molaetsa wa Mmuso ho batho bao ba kopanang le bona ba sa rera, mohlomong ha ba le leetong. Maemong a mangata, ho a hlaka hore hase ka tsietsi ba kopaneng le motho ya thahasellang ditaba tse monate. Ha ho makatse, etswe Bibele e bontsha ka ho hlaka hore re tataiswa ke mangeloi mosebetsing wa boboledi e le hore molaetsa o ka fihla ho “merabe yohle, ditjhaba tsohle, maloko ohle le dipuo tsohle.” (Tshen. 14:6) Jesu o hlile a profeta hore mangeloi a tla re tataisa mosebetsing wa boboledi. Papisong ya hae ya koro le mofoka, Jesu o ile a re nakong ya kotulo—e leng nako eo bofelo ba lefatshe bo leng haufi—“bakotudi ke mangeloi.” O ile a phaella ka ho re dibopuwa tsena tsa moya di ne di tla “bokella dintho tsohle tse dihelang batho sebeng le batho ba tlwaetseng ho etsa tlolo ya molao, a ba tlose Mmusong wa hae.” (Mat. 13:37-41) Ka nako e tshwanang, mangeloi a ne a tla bokella bao e tla ba majalefa a Mmuso lehodimong—mme ha morao a bokelle “bongata bo boholo” ba “dinku tse ding”—bao Jehova a batlang ho ba hulela ka mokgatlong wa hae o hlophisitsweng.—Tshen. 7:9; Joh. 6:44, 65; 10:16.
17 Bopaki ba hore sena se a etsahala ke hore batho ba bang bao re buisanang le bona tshebeletsong ya rona ba re ba ne ba ntse ba rapella thuso ya Modimo. Nahana ka phihlelo e nngwe ya bahweletsi ba Mmuso ba babedi ba neng ba tsamaya le ngwana. Dipaki tsena tse pedi di ne di itokisetsa ho tjhaisa empa ngwana eo o ne a hlile a tjhesehela ho ya ntlong e latelang. Ha e le hantle, o ile a tsamaya a le mong, a fihla a kokota monyako! Ha mofumahatsana ya itseng a bula monyako, Dipaki tseo tse pedi tsa atamela mme tsa bua le yena. Di ile tsa makala ha mosadi eo a di bolella hore o ne a sa tswa rapella hore a etelwe ke motho ya ka mo thusang ho utlwisisa Bibele. Di ile tsa lokisetsa hore a kgannelwe thuto ya Bibele!
“Modimo, le hoja ke sa o tsebe, ke kopa o nthuse”
18. Ke hobaneng ha le ka mohla re sa lokela ho nka tlotla ya rona hasesaane?
18 Ka ha o karolo ya phutheho ya Bakreste, o na le tlotla ya ho sebetsa ha mmoho le mangeloi ha mosebetsi wa boboledi o etswang mehleng ya rona o ntse o hola ho feta le ha e le neng pele. Le ka mohla o se ke wa nka tlotla eo hasesaane. O tla thaba haholo ha o phehella ho phatlalatsa “ditaba tse monate tse buang ka Jesu.”—Dik. 8:35.
a Mona ha ho buuwe ka moapostola Filipi. Ho ena le hoo, jwalo ka ha ho boletswe Kgaolong ya 5 ya buka ena, ke Filipi ya neng a le hara “banna ba supileng ba nang le botumo bo botle” ba neng ba kgethilwe hore ba hlokomele mosebetsi wa ho aba dijo tsa letsatsi le letsatsi hara bahlolohadi ba Bakreste ba buang Segerike le Seheberu Jerusalema.— Dik. 6:1-6.
b Ka moo ho bonahalang ka teng, ka nako eo ho ne ho tlwaelehile hore barutuwa ba batjha ba tlotswe ka moya o halalelang kapa ba o fumane ha ba kolobetswa. Sena se ne se ba fa tshepo ya hore ba tla busa le Jesu e le marena le baprista lehodimong. (2 Bakor. 1:21, 22; Tshen. 5:9, 10; 20:6) Le ha ho le jwalo, boemong bona, barutuwa bana ba batjha ha ba a ka ba tlotswa ha ba kolobetswa. Bakreste bao ba sa tswa kolobetswa ba ile ba amohela moya o halalelang le matla a ho etsa mehlolo ka mora hore Petrose le Johanne ba behe matsoho hodima bona.
c Monna eo ha a ka a nka kgato ena ka lepotlapotla. Ka ha Moethiopia eo o ne a sokolohetse Bojudeng, o ne a se a ntse a tseba Mangolo, ho akarelletsa le boprofeta bo buang ka Mesia. Ka ha jwale o ne a se a tseba hore na Jesu o phetha karolo efe morerong wa Modimo, o ne a ka kolobetswa ntle ho tshenyo ya nako.