Pina ea 4
Ho Iketsetsa Lebitso le Letle ho Molimo
Printed Edition
1. Bophelong bohle, Re mameleng ’Mōpi,
Re iketsetse Lebitso le letle.
Re ikitlaetse Ho etsa ho loka,
Re tla thabisa Pelo ea hae.
2. Ho iketsetsa Bitso fatšeng lena
Le tl’o timetsoa, Ho ratoa ke lona,
Ke ntho ea lefeela. A re iketsetseng
Setsoalle le Jah, Se sa feleng.
3. Re kōpa hore Jah a re hopole,
Re ngoloe bukeng Ea hae ea bophelo.
A re tšepeng ’Mōpi, Re boleleng ’nete,
Re be le bitso Le khabane.
(Sheba le Gen. 11:4; Liprov. 22:1; Mal. 3:16; Tšen. 20:15.)