Pina ea 115
Ho Atlehisa Tsela ea Rōna
1. Re thabela Lentsoe la Jah.
Re ke re le baleng.
’Me re thuise ka lona;
Re be re le phethe.
Le ke le re tataise,
Litseleng tsa rōna.
(K’HORASE)
Ha re bala re thuisa,
Jah o tla re putsa.
Re tla tsamaea le eena,
Re be re atlehe.
2. Ha marena a Is’raele,
A fu oa taelo:
‘E mong le’e mong a ingolle
Molao oa Molimo.
A o bale ka matsatsi,
’Ohle h’a sa phela.’
(K’HORASE)
Ha re bala re thuisa,
Jah o tla re putsa.
Re tla tsamaea le eena,
Re be re atlehe.
3. Ha re bala Lentsoe la Jah,
Re tla ba le tšepo,
Re khaotse ho tšoenyeha
Lipelong tsa rōna.
Re amohele Ntsoe la hae,
’Me re hōle tsebong.
(K’HORASE)
Ha re bala re thuisa,
Jah o tla re putsa.
Re tla tsamaea le eena,
Re be re atlehe.
(Sheba le Deut. 17:18; 1 Mar. 2:3, 4; Pes. 119:1; Jer. 7:23.)