Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • T-31 maq. 1-4
  • O nahana hore bokamoso bo tla ba jwang?

Ha ho na video mona.

Ka maswabi ho bile le bothata.

  • O nahana hore bokamoso bo tla ba jwang?
  • O Nahana Hore Bokamoso bo Tla ba Jwang?
  • Dingolwa Tse Tshwanang
  • Mmuso wa Modimo ke Eng?
    Mmuso wa Modimo ke Eng?
  • Na mahlomola a tla ke a fele?
    Na Mahlomola a Tla ke a Fele?
  • Ha e le hantle ke mang ya busang lefatshe?
    Ha e le hantle ke mang ya busang lefatshe?
  • Na Ruri Bafu ba ka Boela ba Phela?
    Na Ruri Bafu ba ka Boela ba Phela?
Bala Tse Ding
O Nahana Hore Bokamoso bo Tla ba Jwang?
T-31 maq. 1-4

O Nahana Hore Bokamoso bo Tla ba Jwang?

Na boemo ba lefatshe . . .

  • bo ke ke ba fetoha?

  • bo tla mpefala?

  • bo tla ntlafala?

BIBELE YONA E RENG?

“Modimo . . . o tla hlakola meokgo yohle mahlong a bona, lefu ha le sa tla hlola le eba teng, mme ho siama [maswabi] kapa ho bokolla kapa bohloko ha di sa tla hlola di eba teng. Dintho tsa pele di fetile.”—Tšenolo 21:3, 4, Phetolelo ea Lefatše le Lecha.

HO TSEBA SEE HO KA O THUSA JWANG?

O tla tseba hore nakong e tlang, o tla ba le mosebetsi o thabisang le o kgotsofatsang.—Esaia 65:21-23.

O tla phela o sa kule ebile ho se na dintho tse o utlwisang bohloko.—Esaia 25:8; 33:24.

O tla phela ka ho sa feleng le ba lelapa le metswalle le thabile.—Pesaleme ya 37:11, 29.

Monna le mosadi ba nahana ka bokamoso; ngwanana o nwesetsa dimela; diahi di haha ntlo

NA KA SEBELE RE KA DUMELA SEO BIBELE E SE BUANG?

E, bonyane ka mabaka a mabedi:

  • Modimo o na le matla a ho phethahatsa seo a se tshepisitseng. Ka Bibeleng, Jehova Modimo ke yena feela ya bitswang “ya Matla Ohle,” kaha o na le matla a sa lekanyetswang. (Tšenolo 15:3) Ka hona o na le matla a ho phethahatsa tshepiso ya hae ya ho ntlafatsa lefatshe. Jwalokaha Bibele e bolela, “dintho tsohle dia kgoneha ho Modimo.”—Matheu 19:26.

  • Modimo o labalabela ho phethahatsa seo a se tshepisitseng. Ka mohlala, Jehova o “hlolohelwa” ho tsosa bafu.—Jobo 14:14, 15.

    Bibele e boetse e bontsha hore Jesu, Mora Modimo, o ile a fodisa batho ba kulang. Ke hobaneng ha a ile a etsa jwalo? Ke hobane o ne a batla ho ba thusa. (Mareka 1:40, 41) Jesu o ile a bonahatsa ka ho phethahetseng botho ba Ntate wa hae ka takatso eo a neng e e na le yona ya ho thusa batho ba hlokang thuso.—Johanne 14:9.

    Kahoo re ka kgodiseha hore Jehova le Jesu ba batla ho re thusa hore re thabele bokamoso!—Pesaleme ya 72:12-14; 145:16; 2 Petrose 3:9.

O KA NNA WA IPOTSA

Motho o supa temana ka Bibeleng

Modimo o tla ntlafatsa lefatshe jwang?

Bibele e araba potso ena ho MATHEU 6:9, 10 le ho DANIELE 2:44.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Tswa
    Kena
    • Sesotho (South Africa)
    • Romela
    • Ikgethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela