LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • lfb thuto 3 leq. 14-leq. 15 ser. 3
  • Adama le Eva ha ba a ka ba Mamela Modimo

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Adama le Eva ha ba a ka ba Mamela Modimo
  • Ithute Dipaleng Tsa Bibele
  • Dintlha tse Ding
  • Bophelo bo ne bo le Jwang Paradeiseng?
    Mamela Modimo Mme O Phele ka ho sa Feleng
  • Ho Etsahalang ka Rona ha re Shwa?
    Bibele e re Rutang?
  • Karolo ya 3
    Mamela Modimo
  • Ke Hobaneng ha re Tsofala Ebile re Shwa?
    Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2019
Tse Ding
Ithute Dipaleng Tsa Bibele
lfb thuto 3 leq. 14-leq. 15 ser. 3
Adama le Eva ba tswa serapeng sa Edene

THUTO YA 3

Adama le Eva ha ba a ka ba Mamela Modimo

Adama o tshwere tholwana eo a sa lokelang ho e ja eo a e filweng ke Eva

Ka letsatsi le leng ha Eva a setse a le mong, noha e ile ya bua le yena. E ile ya re: ‘Na ka nnete Modimo o itse le se ke la ja ditholwana tsa difate tsohle?’ Eva a re: ‘Re ka ja ditholwana tsa difate tse serapeng empa ha re a lokela ho ja tsa sefate se hara serapa. Ha re ka ja tholwana ya sefate seo, re tla shwa.’ Yaba noha re: ‘Ho hang le ke ke la shwa. Mohlang le di jang, mahlo a lona a tla buleha mme le tla ba jwalo ka Modimo.’ Na e ne e bua nnete? Tjhe, e ne e bua leshano. Empa Eva o ile a e kgolwa. Ha a ntse a sheba ditholwana tsa sefate seo, o ile a di lakatsa le ho feta. Ka hoo, a kga tholwana a e ja mme a e fa Adama. Adama o ne a tseba hore ba tla shwa haeba ba sa mamele Modimo. Le ha ho le jwalo, o ile a e ja.

Ha Adama le Eva ba tswa serapeng sa Edene, Jehova o ile a beha mangeloi le sabole e tukang ho ba thibela ho kena serapeng seo

Ha morao letsatsing lona leo, Jehova o ile a bua le Adama le Eva. O ile a ba botsa hore na ke hobaneng ha ba jele tholwana eo. Eva o ile a re ke noha e itseng a e je mme Adama a re ke Eva ya itseng a e je. Jehova o ile a ba leleka serapeng seo hobane ba ne ba sa mo mamela. O ile a beha mangeloi le sabole e tukang ho ba thibela ho kena serapeng seo.

Jehova o ile a re o tla otla noha e thetsitseng Eva. Ha e le hantle, e ne e se noha e buang le Eva. Jehova o ne a sa bopa dinoha tse tsebang ho bua. Ke lengeloi le kgopo le ileng la etsa hore noha e bue. Le ne le batla ho qhekella Eva. Lengeloi leo ke Satane Diabolose. Nakong e tlang, Jehova o tla fedisa Satane e le hore a se ke a hlola a qhekella batho.

“Diabolose . . . e bile mmolai ho tloha qalong mme o ile a lahla nnete hobane ha a e rate.”​—Johanne 8:44

Dipotso: Ke hobaneng ha Eva a ile a ja tholwana ya sefate? Ho ile ha etsahalang ka Adama le Eva ka mora hore ba je tholwana eo Jehova a itseng ba se ke ba e ja? Satane Diabolose ke mang?

Genese 3:​1-24; Johanne 8:​44; 1 Johanne 3:8; Tshenolo 12:9

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share