THUTO YA 13
Jakobo le Esau ba Bopa Kgotso
Jehova o ile a bolella Jakobo hore o tla mo sireletsa jwalo ka ha a ile a sireletsa Abrahama le Isaka. Jakobo o ile a dula sebakeng se bitswang Harane. Ha a le moo a nyala, a ba le lelapa le leholo mme a rua haholo.
Ha nako e ntse e ya, Jehova o ile a re ho Jakobo: ‘Kgutlela naheng ya heno.’ Ka hoo, Jakobo a kena leetong le lelelele le ba lelapa la hae a kgutlela naheng ya habo. Ha a le tseleng a kopana le batho ba ileng ba re ho yena: ‘Abuti wa hao Esau o tseleng le banna ba 400.’ Jakobo o ile a tshoha a nahana hore Esau o batla ho mo lwantsha le ba lelapa la hae. O ile a rapela Jehova a re: ‘Ke kopa o mpholose ho abuti wa ka Esau.’ Letsatsing le latelang Jakobo o ile a romella Esau dinku, dipodi, dikgomo, dikamele le ditonki e le mpho.
Bosiung boo ha Jakobo a ntse a le mong, o ile a bona lengeloi. Lengeloi leo le ile la qala ho lwana le yena. Ba ile ba lwana ho fihlela hoseng. Jakobo o ile a lwana le hoja a ne a tswile kotsi. Lengeloi le ile la re: ‘Ntlohele ke tsamaye.’ Jakobo a re: ‘Ntlhohonolofatse pele.’
Qetellong lengeloi leo le ile la hlohonolofatsa Jakobo. Ka hoo, Jakobo a tseba hore Jehova a ke ke a dumella Esau hore a mo ntshe kotsi.
Hoseng hoo Jakobo o ile a bona Esau le banna ba 400 ba sa le hole. Jakobo a tsamaella pele ho ba lelapa la hae mme ha a fihla ka pela Esau a inama ka makgetlo a supileng. Yaba Esau o mathela ho Jakobo o fihla a mo haka. Ba ile ba lla mme ba bopa kgotso. O nahana hore Jehova o ile a ikutlwa jwang ka tsela eo Jakobo a entseng dintho ka yona?
Esau o ile a kgutlela ha hae. Jakobo le yena a ya ha hae. Jakobo o ne a ena le bara ba 12. Mabitso a bona e ne e le Rubene, Simeone, Levi, Juda, Dane, Nefthali, Gade, Ashere, Isakare, Zabulone, Josefa le Benjamine. Jehova o ile a sebedisa e mong wa bona e leng Josefa, ho sireletsa batho ba hae. Na o a tseba hore o ile a mo sebedisa jwang? A re bone.
“Le nne le rate dira tsa lona le ho rapella ba le hlorisang e le hore le ka bontsha hore le bana ba Ntate wa lona ya mahodimong.” —Matheu 5:44, 45