Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • lfb thuto 18 leq. 48-leq. 49 ser. 4
  • Sehlahla se Tukang

Ha ho na video mona.

Ka maswabi ho bile le bothata.

  • Sehlahla se Tukang
  • Ithute Dipaleng Tsa Bibele
  • Dingolwa Tse Tshwanang
  • Mahlo a Hao a Tadimile Hokae?
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang—2018
Ithute Dipaleng Tsa Bibele
lfb thuto 18 leq. 48-leq. 49 ser. 4
Moshe sehlahleng se tukang

THUTO YA 18

Sehlahla se Tukang

Moshe o ile a dula Midiane ka dilemo tse 40. Ha a le moo, a nyala mme a ba le bana. Ka letsatsi le leng ha a ntse a hlokometse dinku tsa hae pela Thaba ya Sinai, o ile a bona ntho e makatsang. Sehlahla se meutlwa se ne se tuka empa se sa tjhe. Ha Moshe a atamela ho bona hore na ho etsahalang, a utlwa lentswe le tswa sehlahleng mme le re: ‘Moshe! O se ke wa atamela ho feta moo. Rola dieta tsa hao hobane sebaka seo o emeng ho sona se a halalela.’ Ke Jehova ya neng a bua a sebedisa lengeloi.

Moshe o ile a tshoha, yaba o ipata sefahleho. Lentswe leo la re: ‘Ke bone tsela eo Baiseraele ba sotlehileng ka yona. Ke tla ba ntsha Egepeta ke ba ise naheng e ntle. Ke wena ya tla ba etella pele.’ E tlameha e be seo se ile sa makatsa Moshe.

Moshe a botsa a re: ‘Ke tla reng ha batho ba mpotsa hore na ke ronngwe ke mang?’ Modimo a re: ‘O tla re Jehova, Modimo wa Abrahama, Modimo wa Isaka le Modimo wa Jakobo ke yena ya o rommeng.’ Jwale Moshe a re: ‘Ke tla etsang haeba ba sa mmamele?’ Jehova a mo fa bopaki ba hore o tla mo thusa. A re Moshe a lahlele molamu wa hae fatshe. Yaba molamu oo o fetoha noha. Ha Moshe a tshwara noha eo ka mohatla, ya boela ya fetoha molamu. Jehova a re: ‘Pontsho ena e tla ba bopaki ba hore ke nna ya o rommeng.’

Moshe a re: ‘Ha ke tsebe ho bua hantle.’ Yaba Jehova o re ho yena: ‘Ke tla o bolella seo o lokelang ho se bua mme ke tla romela abuti wa hao Arone hore a tlo o thusa.’ Moshe o ne a tseba hore Jehova o na le yena. Ka hoo, a nka mosadi wa hae le bara ba hae mme ba kgutlela Egepeta.

“Le se ke la tshwenyeha ka hore na le tla reng kapa le tla bua jwang. Le tla tseba ka nako eo hore na le reng.”​—Matheu 10:19

Dipotso: Moshe o ile a bonang ha a ntse a hlokometse dinku tsa hae? Jehova o ne a batla hore Moshe a etseng?

Exoda 3:1–4:​20; Diketso 7:​30-36

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Tswa
    Kena
    • Sesotho (South Africa)
    • Romela
    • Ikgethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela