Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • lfb thuto 25 leq. 64-leq. 65 ser. 3
  • Tabernakele eo ho Rapellwang ho Yona

Ha ho na video mona.

Ka maswabi ho bile le bothata.

  • Tabernakele eo ho Rapellwang ho Yona
  • Ithute Dipaleng Tsa Bibele
  • Dingolwa Tse Tshwanang
  • Ananela Monyetla wa ho Rapela Jehova Tempeleng ya Hae ya Tshwantshetso
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2023
  • Kakaretso ya Exoda
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
  • “Seriti sa Dintho Tse Molemo Tse Tlang ho Tla”
    Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso——2019
Ithute Dipaleng Tsa Bibele
lfb thuto 25 leq. 64-leq. 65 ser. 3
Tabernakele le lebala la yona

THUTO YA 25

Tabernakele eo ho Rapellwang ho Yona

Ha Moshe a ntse a le Thabeng ya Sinai, Jehova o ile a mo bolella hore a etse tente e ikgethang e bitswang tabernakele. Baiseraele ba ne ba tla rapella ho yona. Ba ne ba ka kgona ho e jara le ho tsamaya ka yona.

Jehova o ile a re: ‘Bolella setjhaba hore se fane ka ntho le ha e le efe e ka thusang hore ho hahwe tabernakele.’ Baiseraele ba ile ba fana ka kgauta, silevera, koporo, majwe a bohlokwa le mabenyane. Ba boela ba fana ka boya, masela, matlalo a diphoofolo le dintho tse ding tse ngata. Ba fana ka seatla se bulehileng hoo Moshe a ileng a re ho bona: ‘Ho lekane. Le se hlole le tlisa tse ding.’

Baiseraele ba tlisa dimpho tse tla thusa ho haha tabernakele

Banna le basadi ba bangata ba nang le tsebo ba ile ba thusa ho haha tabernakele. Jehova o ile a ba fa bohlale e le hore ba etse mosebetsi oo. Ba bang ba ile ba etsa kgwele, ba etsa masela esita le ho a kgabisa. Ba bang ba hloma majwe, ba etsa dintho tsa kgauta le tsa mapolanka.

Baiseraele ba ile ba etsa tabernakele feela jwalo ka ha Jehova a ba boleletse. Ba kenya kgaretene e ntle ho arola Sehalalelo le Sehalaledisiso ka tabernakeleng. Ka Sehalaledisisong ho ne ho behilwe areka ya selekane, e neng e entswe ka lepolanka la leoka le ka kgauta. Ka Sehalalelong e le sedulwana sa lebone sa kgauta, tafole le aletare ya ho tjhesa dibano. Lebaleng ho e na le beisine ya koporo le aletare e kgolo. Areka ya selekane e ne e hopotsa Baiseraele hore ba tshepisitse Jehova ho mo mamela. Na o a tseba hore na selekane keng? Ke tshepiso e kgethehileng.

Jehova o ile a kgetha Arone le bara ba hae hore ba sebeletse tabernakeleng e le baprista. Ba ne ba lokela ho e hlokomela le ho etsetsa Jehova mahlabelo ho yona. Ke Arone feela, moprista ya phahameng ya neng a dumeletswe ho kena ka Sehalaledisisong. O ne a kena hanngwe ka selemo ha a etsa sehlabelo se kwahelang dibe tsa hae le tsa ba lelapa la hae, esita le tsa setjhaba sohle sa Iseraele.

Baiseraele ba ile ba qeta ho etsa tabernakele selemo ka mora hore ba tlohe Egepeta. Jwale ba ne ba se ba e na le sebaka seo ba ka rapellang Jehova ho sona.

Jehova o ile a tlatsa tabernakele ka kganya ya hae mme a etsa hore e aparelwe ke leru. Baiseraele ba ne ba sa tlohe ha feela e ntse e kwahetswe ke leru. Empa ha leru le tloha, ba ne ba tseba hore jwale ke nako ya hore ba tsamaye. Ba ne ba qhaqholla tabernakele mme ba sala leru morao.

“Yaba ke utlwa lentswe le phahameng le tswang teroneng le re: ‘Bona! Tente ya Modimo e hara batho. O tla dula le bona mme e tla ba batho ba hae. Modimo o tla ba le bona.’ ”​—Tshenolo 21:3

Dipotso: Jehova o ile a re Moshe a hahe eng? Jehova o ile a fa Arone le bara ba hae boikarabelo bofe?

Exoda 25:​1-9; 31:​1-11; 40:​33-38; Baheberu 9:​1-7

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Tswa
    Kena
    • Sesotho (South Africa)
    • Romela
    • Ikgethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela