LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • lfb thuto 31 leq. 78
  • Joshua le Bagibeone

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Joshua le Bagibeone
  • Ithute Dipaleng Tsa Bibele
Ithute Dipaleng Tsa Bibele
lfb thuto 31 leq. 78
Bagibeone ba ya ho Joshua le lebotho la hae, ba apere diaparo tsa kgale

THUTO YA 31

Joshua le Bagibeone

Ditjhaba tse ding tsa Kanana di ile tsa utlwa se etsahetseng Jeriko. Ka hoo, marena a tsona a rera ho ikopanya ho lwantsha Baiseraele. Empa Bagibeone ba tla ka leano le fapaneng. Ba apara diaparo tsa kgale, ba ya ho Joshua mme ba re: ‘Re tswa naheng e hole. Re utlwetse ka Jehova le sohle seo a le etseditseng sona Egepeta le Moabe. Re tshepiseng hore le ke ke la re hlasela mme re tla ba bahlanka ba lona.’

Joshua o ile a ba kgolwa mme a dumela hore a ke ke a ba hlasela. Ka mora matsatsi a mararo, a utlwa hore ha ba tswe naheng e hole. Ba tswa hona naheng eo ya Kanana. Joshua a botsa Bagibeone a re: ‘Ke hobaneng ha le re thetsitse?’ Ba re: ‘Re le thetsitse hobane re ne re tshohile! Re a tseba hore Jehova Modimo wa lona o a le lwanela. Re kopa hore le se ke la re bolaya.’ Joshua a etsa jwalo ka ha a ba tshepisitse mme a se ke a ba bolaya.

Ka mora nakwana, marena a mahlano a Kanana a ile a hlophisa mabotho a ona, a itokisetsa ho hlasela Bagibeone. Joshua le banna ba hae ba tsamaya bosiu bohle ho ya ba pholosa. Ntwa ya qala hoseng letsatsing le latelang. Bakanana ba ile ba baleha. Hohle moo ba balehelang teng, Jehova a ba nesetsa sefako. Yaba Joshua o kopa Jehova hore a emise letsatsi. Ke hobaneng ha a ile a kopa Jehova hore a emise letsatsi empa ho se mohla ntho e jwalo e kileng ya etsahala? Ke hobane Joshua o ne a tshepa Jehova. Letsatsi ha le a ka la dikela ho fihlela Baiseraele ba hlotse dira tsa bona.

Joshua o sheba hodimo mme o kopa Jehova hore a emise letsatsi

“Ha le re le tla etsa ntho, le fele le e etse. Ha le re le ke ke la etsa ntho, le se ke la e etsa hobane ho fetang hoo ho tswa ho Diabolose.”​—Matheu 5:37

Dipotso: Bagibeone ba ile ba etsang ho itshireletsa? Jehova o ile a thusa Baiseraele jwang?

Joshua 9:1–10:15

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share