LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • lfb thuto 70 leq. 166-leq. 167 ser. 2
  • Mangeloi a Tsebahatsa Tswalo ya Jesu

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Mangeloi a Tsebahatsa Tswalo ya Jesu
  • Ithute Dipaleng Tsa Bibele
  • Dintlha tse Ding
  • Dipotso Tse Tswang ho Babadi
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2023
Ithute Dipaleng Tsa Bibele
lfb thuto 70 leq. 166-leq. 167 ser. 2
Mangeloi a tsebahatsa tswalo ya Jesu ho badisa

THUTO YA 70

Mangeloi a Tsebahatsa Tswalo ya Jesu

Mmusi wa Moroma ya bitswang Sesare Augustase o ile a laela Bajuda bohle hore ba ye metseng ya habo bona ho ya ingodisa teng. Ka hoo, Josefa le Maria ba ya Bethlehema, e leng moo lelapa labo Josefa le tswang teng. Maria o ne a se a le haufi le ho ba le ngwana.

Ha ba fihla Bethlehema, ba fumana ho se moo ba ka fihlelang teng ha e se ka setaleng. Ha ba ntse ba le moo Jesu a hlaha. Maria a mo phuthela ka masela mme a mo robatsa ka sejelong.

Ho ne ho e na le badisa naheng, ba disitse mehlape bosiu haufi le Bethlehema. Ka tshohanyetso, lengeloi la hlaha ka pela bona mme ba potapotwa ke kganya ya Jehova. Badisa bao ba tshoha empa lengeloi la re ho bona: ‘Le se ke la tshoha. Ke le tshwaretse ditaba tse monate. Kajeno Mesia o hlahile Bethlehema.’ Ka yona nako eo, ha hlaha mangeloi a mang a mangata, a re: “Ho roriswe Modimo ya mahodimong le batho bao a ba ratang lefatsheng ba be le kgotso.” Yaba mangeloi ao a a nyamela. Badisa bao ba ile ba etsang?

Ba ile ba re: ‘A re yeng Bethlehema hanghang.’ Yaba ba a ya mme ba fumana Josefa le Maria ka setaleng ba e na le lesea la bona.

Batho bohle ba ileng ba utlwa seo lengeloi le se boleletseng badisa bao ba makala. Maria o ile a nahana ka ho teba ka seo lengeloi le se buileng mme ha a a ka a se lebala. Ka mora moo, badisa ba kgutlela mehlapeng ya bona mme ba leboha Jehova ka sohle seo ba se utlwileng le ho se bona.

“Ke nna enwa ke tswa ho yena [Modimo]. Ha ke a itlisa, ke ronngwe ke Modimo.”​—Johanne 8:42

Dipotso: Mangeloi a ile a tsebahatsa tswalo ya Jesu jwang? Badisa ba ile ba fumana mang ha ba fihla Bethlehema?

Luka 2:​1-20; Esaia 9:6

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share