THUTO YA 86
Jesu o Tsosa Lazaro
Jesu o ne a ena le metswalle e meraro e dulang Bethani. Bona e ne e le Lazaro le dikgaitsedi tsa hae tse pedi e leng Maria le Maretha. Ka letsatsi le leng ha Jesu a le ka lehlakoreng le leng la noka ya Jordane, Maria le Maretha ba ile ba mo romella molaetsa o potlakileng ba re: ‘Lazaro wa kula. Re kopa o tle kapele!’ Empa Jesu ha a ka a ya hanghang. O ile a ema matsatsi a mabedi yaba o re ho barutuwa ba hae: ‘Ha re yeng Bethani. Lazaro o robetse mme ke ilo mo tsosa.’ Baapostola ba ile ba re: ‘Haeba Lazaro o robetse o tla fola.’ Yaba Jesu o re ho bona: ‘Lazaro o hlokahetse.’
Ha Jesu a fihla Bethani, e ne e se e le matsatsi a mane Lazaro a patuwe. Batho ba bangata ba ne ba tlile ho tla tshedisa Maretha le Maria. Ha Maretha a utlwa hore Jesu o teng, o ile a mathela ho yena a re: “Morena, hoja o ne o le teng kgaitsedi ya ka e ka be e sa shwa.” Yaba Jesu o re: ‘Kgaitsedi ya hao e tla phela hape. Na wa dumela Maretha?’ O ile a re: ‘E, ke a dumela hore o tla tsoha.’ Jesu a tswela pele ho re: “Ke nna tsoho le bophelo.”
Yaba Maretha o ya ho Maria o re: ‘Jesu o teng.’ Maria a mathela ho Jesu mme batho ba bangata ba mo sala morao. Ha a fihla ho Jesu, a itihela maotong a hae a ntse a lla mme a re: ‘Morena, hoja o ne o le teng kgaitsedi ya rona e ka be e ntse e phela!’ Jesu o ile a bona hore Maria o utlwile bohloko yaba le yena o qala ho lla. Ha batho ba mo bona a lla, ba re: ‘Jesu o ne a rata Lazaro hakaakang.’ Empa ba bang ba ile ba re: “O sitilwe keng ho etsa hore Lazaro a se ke a shwa?” Jesu o ne a tlo etsang?
Jesu o ile a ya lebitleng la Lazaro le neng le kwetswe ka lejwe le leholo. O ile a ba laela a re: ‘Tlosang lejwe leo.’ Maretha a re: ‘Empa e se e le matsatsi a mane a hlokahetse! O se a nkga.’ Ba tlosa lejwe leo yaba Jesu o a rapela o re: “Ntate, ke a o leboha ka hore ebe o nkutlwile. Ke a tseba hore ka mehla wa nkutlwa empa ke buile ka lebaka la batho bana ba mpotapotileng e le hore ba ka dumela hore o nthomile.” Jesu a hweletsa a re: “Lazaro, tswa!” Ho ile ha etsahala mohlolo, Lazaro a tswa ka lebitleng a ntse a thatetswe ka masela. Jesu a re: “Thatollang masela ao le mo tlohele a tsamaye.”
Batho ba bangata ba boneng ketsahalo ena ba ile ba ba le tumelo ho Jesu. Ba bang bona ba bolella Bafarisi dintho tsena. Ka mora moo, Bafarisi ba ile ba batla ho bolaya Jesu le Lazaro. E mong wa baapostola ba 12 ya bitswang Judase Iskariota o ile a ya ho Bafarisi a re: ‘Le tla mpatala bokae ha nka le thusa ho tshwara Jesu?’ Ba ile ba dumela ho mo fa ditjhelete tse 30 tsa tshepe yaba Judase o qala ho batla monyetla wa ho ba fa Jesu.
“Ho rona Modimo wa nnete ke ya re pholosang. Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re pholosa lefung.”—Pesaleme ya 68:20