PINA YA 4
“Jehova ke Modisa wa Ka”
1. Jehova Modisa wa ka,
Ke tla ya moo o nkisang.
O tseba se ka pelong ya ka
Le ntho tseo ke di hlokang.
O mphomotsa moo ho thotseng,
Moo ke tla kgatholoha.
O Modisa wa ka ya lerato,
Ya nkgathollang ka mehla.
Modisa wa ka ya lerato,
Ya nkgathollang ka mehla.
2. Tsela tsa hao di’a kgatholla,
Kaofela di lokile.
Ka baka la lebitso la hao,
Nthuse ke tshepahale.
Le moriting o lefifi,
Ha ke tshoswe ke letho.
O ntataisa ka lere la hao
Hobane o Motswalle.
O ntataisa ka lere la hao
Hobane o Motswalle.
3. Jehova Modisa wa ka,
Ke tla ya moo o nkisang.
Ke wena ya nthobang maikutlo.
O mpha seo ke se hlokang.
Ke’o tshepa ka pelo yohle
Hobane o Motswalle.
Ke kopa o be le nna ka mehla,
Bophelo bohle ba ka.
Ke kopa o dule o nthata
Bophelo bohle ba ka.
(Sheba le Pes. 28:9; 80:1.)