PINA YA 75
“Ke Nna Enwa. Roma Nna”
1. Mehleng ena batho ba bang
Ha ba sa hlompha Jehova.
Ba re Modimo o kgopo,
Ba bile ba re ha a yo.
Ke mang ya tla mo emela?
Ke mang ya tla mo rorisa?
(KHORASE 1)
‘Morena ke teng, roma nna.
Ke nna ya tla o rorisa.
Ke rata ho o sebeletsa.
Ke nna enwa. Roma nna.’
2. Ba bang ba re o’a dieha.
Ho hang ha ba sa mo tshaba.
Ba iketsetsa medimo,
Ba bile ba’a e rapela.
Ke mang ya tla ba lemosa
Ka ntwa ya Armagedone?
(KHORASE 2)
‘Morena ke teng, roma nna.
Ke nna ya tla ba lemosa.
Ke rata ho o sebeletsa.
Ke nna enwa. Roma nna.’
3. Ba bonolo ba’a tshwenyeha
Ha bobe bo eketseha.
Ba dula ba batla Mmopi,
A ba fe kgotso ya nnete.
Ke mang ya tla ba tshedisa,
A ba rute ka Jehova?
(KHORASE 3)
‘Morena ke teng, roma nna.
Ke tla ba ruta ka wena.
Ke rata ho o sebeletsa.
Ke nna enwa. Roma nna.’
(Sheba le Pes. 10:4; Ezek. 9:4.)