PINA YA 102
Thusang ba Nang le Mathata
Printed Edition
1. Re na le mefokolo
E re sitisang.
Empa Ntate wa rona
O’a re tsotella.
Jehova o mohau
Hape o lerato.
Re etsise Modimo,
Re rate batho.
2. A re kgothatseng bohle
Ba leng mathateng.
Re be mosa ho bona,
Re ba tshedise.
Jehova o rata
Le bao ba fokolang.
A re ke re ba thuseng,
Re ba tshehetse.
3. Re se ke ra ahlola
Bao ba fokolang.
Ka mosa re ba thuse,
Ba matlafale.
Re ke re tjhesehe
Mme re ba kgothatse.
Haeba re ka ba thusa,
Ba tla kgothala.
(Sheba le Esa. 35:3, 4; 2 Bakor. 11:29; Bagal. 6:2.)