PINA YA 136
Moputso o Moholo o Tswang ho Jehova
1. Jehova Modimo o bona bohle
Ba tshepahalang ka mehla.
O’a tseba hore re ka lahlehelwa
Ha re iteletse yena.
Jehova Ntate wa rona o tseba
Ntho tsohle tseo re di tetseng.
O tshepisa ho re hlo’nolofatsa
Le ho re putsa haholo.
(KHORASE)
Jehova a o putse haholo
Ka dintho tsohle tseo o di entseng.
A o sireletse ka mehla
Ka ha ke Modimo ya tshepahalang.
2. Ka nako tse ding re ka iphumana
Re imetswe ke bophelo.
Hape re imelwa ke mesebetsi
Le mathata tsatsi ka leng.
Modimo wa matshediso o tseba
Ntho tsohle tseo re di hlokang.
O tla re tshedisa ka moya wa hae,
Metswalle le Lentswe la hae.
(KHORASE)
Jehova a o putse haholo
Ka dintho tsohle tseo o di entseng.
A o sireletse ka mehla
Ka ha ke Modimo ya tshepahalang.
(Sheba le Baahl. 11:38-40; Esa. 41:10.)