PINA YA 145
Modimo o re Tshepisitse Paradeise
Printed Edition
1. Jehova o re tshepisitse
Paradeise nakong e tlang.
Mmuso wa hae o tla fedisa
Dibe tsohle le bohloko.
(KHORASE)
Paradeise e tla fihla.
Batho bohle ba tla thaba.
Jesu o tla phethahatsa
Ditshepiso tsa Jehova.
2. Haufinyane Mor’a Modimo
O tla tsosa ba mabitleng.
Jesu Kreste o ile a re:
‘O tla phela Paradeiseng.’
(KHORASE)
Paradeise e tla fihla.
Batho bohle ba tla thaba.
Jesu o tla phethahatsa
Ditshepiso tsa Jehova.
3. Paradeise e tshepisitswe
Ke Morena ya re busang.
Re leboha Ntate wa rona,
Re mminela re thabile.
(KHORASE)
Paradeise e tla fihla.
Batho bohle ba tla thaba.
Jesu o tla phethahatsa
Ditshepiso tsa Jehova.
(Sheba le Mat. 5:5; 6:10; Joh. 5:28, 29.)