KAROLO YA BOBEDI
“Le Silafaditse Sehalalelo sa Ka”—Borapedi ba Nnete bo Silafaditswe
NTLHAKGOLO: Baiseraele ba silafatsa borapedi ba nnete ebile ba itshwara hampe
Jehova o ne a rata Baiseraele ebile a ba hlokomela jwalo ka ‘letlotlo la hae la bohlokwa.’ (Ex. 19:5; nal.) Empa bona ba ile ba mo swetsa ka hore ba rapele medimo ya bohata ka tempeleng eo ho tsejwang hantle hore ke ya Jehova. Ba ile ba mo utlwisa bohloko le ho mo tlotlolla. Ke hobaneng ha Baiseraele ba ile ba etsa dintho tse nyonyehang hakaale? Boprofeta ba Ezekiele bo re rutang ka ho fediswa ha Jerusalema? Hape re ka ithutang tseleng eo ditjhaba tse neng di potolohile Baiseraele di neng di ba tshwere ka yona?