KGAOLO YA 12
Keng e Tla o Thusa Hore o Tswele Pele o Ithuta Bibele?
Ho ithuta Bibele ho molemo haholo, empa ha se ka mehla ho leng bonolo. Ka dinako tse ding, o ka nna wa ipotsa hore na o tla kgona ho tswela pele o ntse o ithuta Bibele. Ke hobaneng ha e le ha bohlokwa ho etsa boiteko ba hore o tswele pele o ithuta Bibele? Keng e tla o thusa hore o mamelle ho sa tsotellehe mathata ao o ka bang le ona?
1. Ke hobaneng ha ho ithuta Bibele e le ntho ya bohlokwa?
“Lentswe la Modimo le a phela mme le fana ka matla.” (Baheberu 4:12) Bibele ke ya bohlokwa hobane e re bolella menahano ya Modimo le tsela eo a ikutlwang ka yona ka wena. E tla o thusa hore o be le tsebo, o be bohlale hape o be le tshepo. Ha bohlokwa le ho feta, Bibele e o thusa hore o be motswalle wa Jehova. Ha o ithuta Bibele, o e dumella hore e fetole bophelo ba hao.
2. Ke hobaneng ha re lokela ho nka nnete ya Bibele e le ya bohlokwa?
Nnete e ka Bibeleng e tshwana le matlotlo a bohlokwa. Ke ka hoo Bibele e re kgothalletsang hore re ‘reke nnete mme re se ke ra e rekisa.’ (Liproverbia 23:23) Ha re tseba bohlokwa ba nnete ya Bibele, re leka ka thata ho dula re ithuta yona le haeba ho ka ba le dintho tse re sitisang.—Bala Liproverbia 2:4, 5.
3. Jehova a ka o thusa jwang hore o dule o ntse o ithuta?
Ka ha Jehova ke Mmopi ya Matla Ohle le Motswalle, o batla ho o thusa hore o ithute ka yena. A ka etsa hore o rate seo o ithutang sona le hore o se sebedise. (Bala Bafilipi 2:13.) Ka hoo, o tla o thusa haeba ka dinako tse ding o hloka matla a hore o tswele pele o ithuta kapa o sebedisa seo o ithutang sona. Haeba o hloka matla a eketsehileng e le hore o sebetsane le mathata kapa ditshitiso, o tla kgona ho o thusa. Ka mehla o rapele Jehova o mo kope hore a o thuse hore o tswele pele o ithuta Bibele.—1 Bathesalonika 5:17.
ITHUTE DINTLHA TSE DING
Ithute hore na o ka tswela pele o ithuta Bibele jwang ho sa tsotellehe hore na o phathahane hakae kapa batho ba bang ba o hanyetsa. Jwale nahana ka hore na Jehova o tla o thusa jwang hore o mamelle.
4. Etsa hore thuto ya Bibele e be ya bohlokwa ho wena
Ka dinako tse ding ho ba le dintho tse ngata tseo re di etsang hoo re bonang eka ha re na nako e lekaneng ya ho ithuta Bibele. Keng e ka o thusang? Bala Bafilipi 1:10 ebe le buisana ka dipotso tsena:
O nahana hore tse ding tsa “dintho tsa bohlokwa haholo” bophelong ke dife?
O ka etsang e le hore thuto ya Bibele e be ya bohlokwa ho wena?
Haeba o tlatsa emere ka lehlabathe ebe o leka ho tshela majwe, a ke ke a fella ka moo
Haeba o tshela majwe pele, o tla fumana sebaka sa ho tshela lehlabathe. Ka tsela e tshwanang, haeba o etsa “dintho tsa bohlokwa haholo” pele bophelong ba hao, o tla kgona ho di finyella le ho ba le nako ya ho etsa dintho tse ding
Ho ithuta Bibele ho kgotsofatsa tlhoko ya rona ya moya, e leng ho batla ho tseba le ho sebeletsa Modimo. Bala Matheu 5:3 ebe le buisana ka potso ena:
Re fumana molemo ofe ha re etsa hore thuto ya rona ya Bibele e be ntho ya bohlokwa bophelong ba rona?
5. Mamella ha o hanyetswa
Ka dinako tse ding, batho ba bang ba ka nna ba o nyahamisa hore o se ke wa ithuta Bibele. A re boneng mohlala wa ntate Francesco. Bapala VIDEO ebe le buisana ka dipotso tse latelang.
Videong ee, metswalle ya ntate Francesco le ba lelapa la hae ba ile ba etsang ha ba utlwa hore o se a ithuta Bibele?
Ho mamella ho ile ha mo tswela molemo jwang?
Bala 2 Timothea 2:24, 25 ebe le buisana ka dipotso tsena:
Lelapa la hao le metswalle ya hao e ikutlwa jwang ha o ithuta Bibele?
Ho latela ditemana tsee, o lokela ho etsang haeba motho e mong a sa thabele taba ya hore o ithuta Bibele? Hobaneng?
6. Tshepa hore Jehova o tla o thusa
Ha re ntse re ithuta ka Jehova, re batla ho etsa dintho tse tla mo thabisa. Le ha ho le jwalo, ho ka ba thata hore re etse diphetoho bophelong ba rona e le hore re phele ka tsela eo Jehova a batlang hore re phele ka yona. Haeba o na le hore o ikutlwe ka tsela eo, o se ke wa nyahama. Jehova o tla o thusa. Bapala VIDEO ebe le buisana ka dipotso tse latelang.
Videong ee, ke diphetoho dife tseo ntate Jim a ileng a di etsa e le hore a thabise Jehova?
Ke eng e o kgahlileng mohlaleng wa hae?
Bala Baheberu 11:6 ebe le buisana ka dipotso tsena:
Jehova o tla etsang bakeng sa batho ba “mo batlang ka tiyo,” e leng ba lekang ka thata hore ba mo tsebe le ho mo thabisa?
See se o bolellang ka tsela eo Jehova a ikutlwang ka yona ha a bona boiteko ba hao ba ho ithuta Bibele?
MOTHO A KA NNA A RE: “Ke hobaneng ha o ithuta Bibele?”
O tla mo araba jwang?
KAKARETSO
Le hoja e se ka mehla ho leng bonolo, ho ithuta Bibele ho ka o thusa hore o thabele bophelo ka ho sa feleng. Tswela pele ho tshepa Jehova mme o tla o hlohonolofatsa.
Re Ithutileng?
Ke hobaneng ha nnete ya Bibele e le bohlokwa ho wena?
O ka “nepisisa dintho tsa bohlokwa haholo” jwang?
Ke hobaneng ha o lokela ho kopa Jehova hore a o thuse hore o tswele pele o ithuta Bibele?
BATLA
Hlokomela dintho tse nne tse thusitseng batho ba bangata ho sebedisa nako ya bona ha molemo.
“Ka Moo o ka Sebedisang Nako ya Hao ka Bohlale” (Tsoha!, February 2014)
Hlokomela ka moo Jehova a thusitseng mme e mong eo monna wa hae a neng a sa utlwisise boiteko ba hae ba ho batla ho thabisa Jehova.
Bona ka moo ntate e mong a ileng a fetoha ka teng ka lebaka la ho mamella ha mosadi wa hae.
Ka dinako tse ding Dipaki Tsa Jehova di etselletswa ka hore di qhala malapa. Empa na seo ke nnete?
“Na Dipaki Tsa Jehova di Qhala Malapa Kapa di a a Momahanya?” (Sehlooho se websaeteng)