LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • lff thuto 17
  • Jesu ke Motho ya Jwang?

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Jesu ke Motho ya Jwang?
  • O ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
  • Dihloohwana
  • Dintlha tse Ding
  • ITHUTE DINTLHA TSE DING
  • KAKARETSO
  • BATLA
  • Jesu ke Mang?
    O ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
  • Jesu Kreste ke Mang?
    Bibele e re Rutang?
  • Jesu o ne a Etsang ha a le Lefatsheng?
    O ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
  • “Ke le Bitsitse Metswalle”
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2020
Tse Ding
O ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
lff thuto 17
Kgaolo ya 17. Jesu o otlolla matsoho mme ka mohlolo o fodisa monna ya kulang.

KGAOLO YA 17

Jesu ke Motho ya Jwang?

Printed Edition
Printed Edition
Printed Edition

Ha re ithuta ka dintho tseo Jesu a di buileng le tseo a di entseng ha a le lefatsheng, re bona makgabane a re susumelletsang hore re batle ho ba metswalle ya hae le ya Ntate wa hae Jehova. Makgabane a a ratehang ke afe? Hona re ka etsisa Jesu jwang bophelong ba rona?

1. Jesu o tshwana le Ntate wa hae ka ditsela dife?

Jesu o ithutile dintho tse ngata ho Ntate wa hae lehodimong ka dilemo tse dibilione ka ho sheba tsela eo a etsang dintho ka yona. Ka lebaka leo, Jesu o nahana jwalo ka Ntate wa hae, o ikutlwa jwalo ka yena ebile o etsa dintho jwalo ka yena. (Bala Johanne 5:19.) Ha e le hantle, Jesu o na le makgabane a tshwanang le a Ntate wa hae hoo a ileng a re: “Ya mponeng o bone le Ntate.” (Johanne 14:9) Ha o ntse o ithuta hore na Jesu ke motho ya jwang, o tla boela o tsebe le Jehova haholwanyane. Ka mohlala, tsela eo Jesu a neng a tsotella batho ka yona e bontsha hantle hore na Jehova o ikutlwa jwang ka wena.

2. Jesu o bontshitse jwang hore o rata Jehova?

Jesu o ile a re: “E le hore lefatshe le tsebe hore ke rata Ntate, esita le jwalo ka ha Ntate a mphile taelo hore ke etse, ke etsa jwalo.” (Johanne 14:31) Ha Jesu a ne a le lefatsheng o ile a bontsha hore na o rata Ntate wa hae haholo hakae ka hore a mo mamele esita le ha ho ne ho le thata. Jesu o ne a rata ho bua ka Ntate wa hae le ho thusa batho ba bang hore e be metswalle ya Jehova.​—Johanne 14:23.

3. Jesu o bontshitse jwang hore o rata batho?

Bibele e re Jesu o “rata . . . bara ba batho.” (Liproverbia 8:31) O bontshitse lerato lena ka hore a kgothatse le ho thusa batho ka boitelo. Ha a ne a etsa mehlolo o ne a sa bontshe feela hore o matla, empa o ne a bontsha hore o utlwela batho bohloko. (Mareka 1:40-42) O ne a tshwara batho ka mosa hape a se na kgethollo. Mantswe a hae a ne a kgothatsa ebile a fana ka tshepo ho batho ba ikokobeditseng ba neng ba mo mamela. Jesu o ne a ikemiseditse ho utlwa bohloko le ho shwa hobane a rata batho. Empa ka ho kgetheha o rata haholo batho ba mamelang dithuto tsa hae.​—Bala Johanne 15:13, 14.

ITHUTE DINTLHA TSE DING

Ithute haholwanyane hore na Jesu ke motho ya jwang. Hape nahana ka hore na o ka mo etsisa jwang tabeng ya ho rata batho le ho fana.

4. Jesu o rata Ntate wa hae

Jesu o re behetse mohlala wa hore na re ka bontsha jwang hore re rata Modimo. Bala Luka 6:12 le Johanne 15:10; 17:26. Ka mora ho bala mangolo ana, buisanang ka potso ena:

  • Re ka etsisa Jesu jwang tabeng ya ho bontsha hore re rata Jehova?

Jesu o a rapela.

Jesu o ne a rata Ntate wa hae mme a mo rapela hangata

5. Jesu o tsotella batho ba hlokang

Jesu o ne a beha ditlhoko tsa batho ba bang pele ho tsa hae. Le ha a ne a kgathetse, o ne a tela nako le matla a hae hore a thuse batho. Bala Mareka 6:30-44 ebe le buisana ka dipotso tsena:

  • Tlalehong ee, Jesu o bontshitse jwang hore o tsotella batho ba bang? (Sheba ditemana tsa 31, 34, 41 le 42.)

  • Keng e neng e susumelletsa Jesu ho thusa batho? (Sheba temana ya 34.)

  • Ka ha Jesu o na le makgabane a tshwanang le a Jehova, see se o rutang ka Jehova?

  • Re ka etsisa Jesu jwang tabeng ya ho tsotella batho ba bang?

Jesu o atisa mahobe a mahlano le ditlhapi tse pedi tse nyenyane ka mohlolo, hore a fepe batho ba dikete. Barutuwa ba abela banna, basadi le bana dijo.

6. Jesu ke motho ya fanang

Jesu o ne a fana le hoja a ne a se na dintho tse ngata mme o re kgothalleditse hore le rona re fane. Bala Liketso 20:35 ebe le buisana ka potso ena:

  • Jesu o re re lokela ho etsang e le hore re thabe?

Bapala VIDEO ebe le buisana ka potso e latelang.

VIDEO: “Ho Fana ho Tlisa Thabo e Kgolo”​—Karolwana (4:00)

  • Re ka fana ka ditsela dife hape le haeba re se barui?

Na o ne o tseba?

Bibele e re ruta hore re lokela ho rapela Jehova ka lebitso la Jesu. (Bala Johanne 16:23, 24.) Ha re rapela ka tsela eo, re bontsha hore re ananela hore ebe Jesu o re thusitse ho ba metswalle ya Jehova.

BATHO BA BANG BA RE: “Modimo ha a tsotelle ha re utlwa bohloko.”

  • Ka ha Jesu o na le makgabane a tshwanang le a Ntate wa hae, dintho tseo a di entseng di re tiisetsa jwang hore Modimo o a re tsotella?

KAKARETSO

Jesu o rata Jehova, hape o rata batho. Ka ha Jesu o tshwana le Ntate wa hae, ha o ntse o tswela pele ho ithuta ka yena, o tla tseba le Jehova haholwanyane.

Re Ithutileng?

  • Re ka bontsha jwang hore re rata Jehova jwalo ka ha Jesu a ile a etsa?

  • Re ka bontsha jwang hore re rata batho ba bang jwalo ka ha Jesu a ile a etsa?

  • Keng eo o e ratang haholo ka Jesu?

Seo o ka se Etsang

BATLA

Nahana ka makgabane a mang a Jesu ao re ka a etsisang.

“Etsisa Jesu Ka . . .” (Jesu ke Tsela le Nnete le Bophelo, leqephe 317)

Bona hore na ke hobaneng ha re lokela ho rapela ka lebitso la Jesu.

“Lebaka la ho Rapela ka Lebitso la Jesu” (Molula-Qhooa, February 1, 2008)

Na ho na le seo Bibele e se buang ka hore na Jesu o ne a shebahala jwang?

“Jesu o ne a Shebahala Jwang?” (Sehlooho se websaeteng)

Re ithuta eng ho Jesu ha re sheba tsela eo a neng a tshwara basadi ka yona?

“Modimo o fa Basadi Tlhompho le Seriti” (Molula-Qhooa, September 1, 2012)

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share