LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • wp17 No. 5 maq. 4-5
  • Seo e Leng Nnete ka Mangeloi

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Seo e Leng Nnete ka Mangeloi
  • Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2017
  • Dintlha tse Ding
  • Mangeloi
    Fadimehang!—2017
  • Mosebetsi wa Mangeloi ke Ofe?
    Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2017
  • Etsisa Mangeloi a Tshepahalang
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2025
Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2017
wp17 No. 5 maq. 4-5
Lengeloi le ka sehloohong le dimiriade tsa mangeloi a mang

SEHLOOHO SE KA NTLE | HO TSEBA NNETE KA MANGELOI HO KA O THUSA JWANG?

Seo e Leng Nnete ka Mangeloi

Na o ka rata ho tseba nnete ka mangeloi, hore na a tswa hokae le hore na a etsang? Bibele ke yona feela e ka fanang ka dikarabo tsa dipotso tsena. (2 Timothea 3:16) A re ke re utlweng hore na e reng:

  • Jwalo ka ha Modimo e le Moya, mangeloi le ona ke moya, mme ha a na “nama le masapo” jwalo ka batho. Mangeloi a tshepahalang a phela mahodimong haufiufi le Modimo.​—Luka 24:39; Matheu 18:10; Johanne 4:24.

  • Ka dinako tse ding mangeloi a nnile a hlaha ka sebopeho sa batho lefatsheng ho etsa mosebetsi o itseng. Ebe ka mora ho phetha dikabelo tse fapaneng, a nke sebopeho sa moya hape mme a kgutlele lehodimong.​—Baahloli 6:11-23; 13:15-20.

  • Le hoja ho bonahala e ka mangeloi a hlahella e le banna ka Bibeleng, esita le ha a ne a hlaha ho batho lefatsheng, re ke ke ra kgona ho tseba hore na ha e le hantle mangeloi ke basadi kapa ke banna. Ntho eo re e tsebang feela ke hore ha a nyale ebile ha a be le bana. Mangeloi a bopilwe ke Jehova ke kahoo Bibele e a bitsang “bara ba Modimo wa nnete.”​—Jobo 1:6; Pesaleme ya 148:2, 5.

  • Ha Bibele e bua ka “maleme a batho le a mangeloi,” seo se bontsha hore mangeloi le ona a na le puo ya ona. Le hoja Modimo a ile a sebedisa mangeloi ho bua le batho, le ka mohla ha a re dumella hore re a rapele kapa re a etsetse ketso le ha e le efe ya borapedi.​—1 Bakorinthe 13:1; Tšenolo 22:8, 9.

  • Palo ya mangeloi e balwa ka dimiriade tsa dimiriade e leng dibilione.a​—Daniele 7:10; Tšenolo 5:11.

  • Mangeloi “a matla ka bonatla” ho feta batho ebile a na le bohlale bo fetang ba batho hole. Se makatsang le ho feta ke hore a lebelo le tshosang!—Pesaleme ya 103:20; Daniele 9:20-23.

  • Ho sa tsotellehe matla ao mangeloi a nang le ona, a na le meedi mme ho na le dintho tseo a sa di tsebeng.​—Matheu 24:36; 1 Petrose 1:12.

  • Mangeloi a bopilwe a na le botho, makgabane a ikgethang le bolokolohi ba ho ikgethela. Ke ka lebaka leo le ona jwalo ka batho, a ka ikgethelang ho etsa se setle kapa se sebe. Empa ka maswabi, a mang a ikgethetse ho fetohela Modimo.​—Juda 6.

a Miriade ke 10 000. Mme miriade e le nngwe ha o e atisa ka e nngwe, e ba dimilione tse 100. Ke kahoo lengolo la Tshenolo le buang ka “dimiriade tsa dimiriade” tsa mangeloi. Seo se bolela dimilione tse makgolo, mohlomong esita le ho fihla ho dibilione tsa mangeloi!

Mangeloi a Modimo a Hlophisitswe Jwang?

Lengeloi le ka sehloohong. Mikaele ke yena lengeloi le ka sehloohong ka lebaka la matla le bolaodi ba hae. Bibele e bontsha ka ho hlaka hore Mikaele ke lebitso le leng la Jesu Kreste.​—1 Bathesalonika 4:16; Juda 9.

Dirafime ke mangeloi a nang le tlotla le tlhompho e ka hodimodimo ho mangeloi a mang, ebile a dutse a potolohile terone ya Modimo.​—Esaia 6:1-3.

Dikerubime le tsona di na le matla a phahameng ebile di fuwe boikarabelo bo kgethehileng pela kganya ya ya Matla Ohle. Hangata di bontshwa di le ka pela Modimo.​—Genese 3:24; Ezekiele 9:3; 11:22.

Mangeloi a mang a barumuwa a balwang ka dimiriade le ona a sebeletsa ya Matla Ohle e le baemedi ba ka sehloohong ha a mang ona e le babuelli ho phethahatsa thato ya hae.b​—Baheberu 1:7, 14.

b Ho fumana dintlha tse eketsehileng ka mangeloi, sheba kgaolo 10 bukeng ya Ha e le Hantle Keng Seo Bibele e se Rutang? Le sehlomathiso se nang le sehlooho se reng “Mikaele Lengeloi le ka Sehloohong ke Mang?” e hatisitsweng ke Dipaki Tsa Jehova. O ka boela wa e sheba ho www.jw.org/st.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share