SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 29
“E Yang . . . le Etse Barutuwa”
“Ka hona e yang mme le etse batho ba ditjhaba tsohle barutuwa.”—MAT. 28:19.
PINA YA 60 Ba Tla Phela
SEO RE TLO ITHUTA SONAa
1-2. (a) Jwalo ka ha Jesu a laetse ho Matheu 28:18-20, mosebetsi o ka sehloohong wa phutheho ya Bokreste ke ofe? (b) Re tlo tshohla dipotso dife sehloohong see?
E TLAMEHA ebe baapostola ba ne ba thabile haholo nakong eo ba neng ba bokane thabeng. Ka mora hore Jesu a tsoswe, o ile a ba bolella hore ba kopane le yena moo. (Mat. 28:16) Ho ka etsahala hore ke hona moo a ileng “a bonahala ho barababo rona ba ka hodimo ho makgolo a mahlano ka nako e le nngwe.” (1 Bakor. 15:6) Ebe ke hobaneng ha Jesu a ile a re barutuwa ba hae ba kopane le yena moo? Hobane o ne a tlo ba fa mosebetsi o thabisang. O ile a re: “Ka hona e yang mme le etse batho ba ditjhaba tsohle barutuwa.”—Bala Matheu 28:18-20.
2 Barutuwa ba ileng ba utlwa mantswe a Jesu, e ile ya ba bona ba pele ba ho ba karolo ya phutheho ya Bokreste. Ka hona, mosebetsi o ka sehloohong wa phutheho eo, e ne e le ho etsa barutuwa ba eketsehileng.b Kajeno ho na le diphutheho tsa Bakreste ba nnete tse ngata lefatsheng lohle mme mosebetsi wa tsona o ka sehloohong, e ntse e le ho etsa batho barutuwa. Sehloohong sena, re tlo tshohla dipotso tsena tse nne: Ke hobaneng ha re lokela ho etsa batho barutuwa? Ho etsa batho barutuwa ho akarelletsang? Na Bakreste bohle ba kenya letsoho ho etsa barutuwa? Hona ke hobaneng ha re lokela ho ba le mamello ha re etsa mosebetsi wa boboledi?
KE HOBANENG HA RE LOKELA HO ETSA BATHO BARUTUWA?
3. Ho ya ka Johanne 14:6 le 17:3, ke hobaneng ha e le ha bohlokwa ho etsa batho barutuwa?
3 Ke hobaneng ha e le ha bohlokwa hore re etse batho barutuwa? Hobane batho ba ka kgona hoba metswalle ya Modimo hafeela e le barutuwa ba Kreste. Ho ekelletsa moo, batho ba latelang Kreste ba ntlafatsa bophelo ba bona hona jwale mme ba na le tshepo ya ho phela ka ho sa feleng nakong e tlang. (Bala Johanne 14:6; 17:3.) Ka sebele Jesu o re file mosebetsi wa bohlokwa, empa ha re o etse re le bang. Ha moapostola Pauluse a ngola ka yena le ka metswalle ya hae e haufi, o ile a re: “Re basebetsimmoho le Modimo.” (1 Bakor. 3:9) Ka nnete ona ke monyetla o babatsehang hakaakang, oo Jehova le Kreste ba re fileng ona le hoja re le batho ba sa phethahalang.
4. Re ithutang ho se ileng sa etsahalla Ivan le Matilde?
4 Re a thaba ha re etsa batho barutuwa. Hlokomela se ileng sa etsahalla Ivan le mosadi wa hae Matilde, ba dulang Colombia. Ba ile ba pakela mohlankana e mong ya bitswang Davier mme o ile a re ho bona: “Ke batla ho fetola bophelo ba ka, empa ha ke kgone.” Davier e ne e le raditebele, a sebedisa dithethefatsi, a nwa haholo abile a dula le kgarebe ya hae Erika. Ivan o re: “Re ile ra qala ho mo etela motseng o ka thoko oo a neng a dula ho ona mme sena se ne se bolela hore re lokela ho tsamaya dihora tse ngata ditseleng tse seretse, re palame di baesekele. Ka mora hore Davier a etse diphetoho bophelong ba hae, Erika le yena o ile a qala ho ithuta Bibele.” Ha nako e ntse eya, Davier o ile a tlohella ditebele, dithethefatsi le ho nwa mme a nyala Erika. Matilde yena o re: “Ha Davier le Erika ba ne ba kolobetswa ka 2016, re ile ra hopola nakong e fetileng ha a ne a re, ‘Ke batla ho fetola bophelo ba ka, empa ha ke kgone.’ Re ne re thabile hoo re ileng ra lla.” Ruri re thaba haholo ha re thusa batho hore ebe barutuwa ba Kreste.
HO ETSA BATHO BARUTUWA HO AKARELLETSANG?
5. Ke mohato ofe wa pele oo re lokelang ho o nka e le hore re etse batho barutuwa?
5 Mohato wa pele oo re lokelang ho o nka, ke hore re “batle” batho ba ikemiseditseng ho ithuta ka Jehova. (Mat. 10:11) Re tla be re bontsha hore re Dipaki Tsa Jehova haeba re ruta batho ka yena. Hape re bontsha hore re Bakreste ba nnete ha re mamela taelo ya Kreste ya hore re bolelle batho ditaba tse molemo.
6. Keng e ka re thusang hore re atlehe ha re le tshimong?
6 Batho ba bangata ba batla ho tseba nnete le hoja qalong ba ka bonahala ba sena kgahleho. Re ka nna ra lokela ho ba kgothalletsa hore ba batle ho ithuta. Ka hona, e le hore re atlehe ha re le tshimong, re lokela ho lokisetsa hantle. Kgetha dihlooho tse tla hapa thahasello ya batho bao o ka kopanang le bona. Ebe ka mora moo o lokisetsa ka moo o ka buellang dihlooho tseo ka teng.
7. Re ka qala moqoqo jwang le motho, hona ke hobaneng ha e le ha bohlokwa ho mamela le ho bontsha tlhompho ha re le tshimong?
7 Ka mohlala, o ka nna wa re ho mongantlo: “Maikutlo a hao ke afe tabeng ee? Mathata a re hlahelang kajeno, a hlahela batho bohle lefatsheng. Na o nahana hore mmuso wa batho o ka rarolla mathata a rona?” Ebe o mo balla Daniele 2:44. Kapa o ka nna wa re: “Nka thabela ho utlwa maikutlo a hao tabeng ena. O nahana keng e ka thusang batswadi hore ba hodise bana ba itshwereng hantle?” Ebe le buisana ka Deuteronoma 6:6, 7. Nahana ka batho bao o ka kopanang le bona tshimong pele o kgetha sehlooho seo o tla buisana le bona ka sona. O ka boela wa nahana ka moo ba tla rua molemo ka teng ha ba ithuta Bibele. Jwale ha o ntse o buisana le bona, ke ha bohlokwa hore o ba mamele le ho hlompha maikutlo a bona. Haeba o etsa jwalo, o tla ba utlwisisa haholwanyane mme le bona ba tla thabela ho o mamela.
8. Ke hobaneng ha re lokela ho tswelapele ho etsa maeto a ho boela?
8 Pele motho a ka etsa qeto ya ho ithuta Bibele, ho ka nna ha hlokahala hore o mo etele ka makgetlo a mangata. Hobaneng? Hobane ho ka etsahala hore nakong e tlang ha re mo etela, re se ke ra mo fumana. Hape ho ka hlokahala hore o mo etele hangata pele a ka ikutlwa a phutholohile hore a ka ithuta Bibele le wena. Hopola hore le semela se hloka ho nosetswa hangata e le hore se hole hantle. Ka tsela e tshwanang, motho ya batlang ho ithuta ka Jehova le Kreste, lerato la hae le tla hola haeba re tswelapele re ithuta Bibele le yena.
NA BAKRESTE BOHLE BA KENYA LETSOHO HO ETSA BARUTUWA?
Dipaki Tsa Jehova lefatsheng lohle, di kenya letsoho ho batla batho ba thabelang ho ithuta Bibele (Sheba serapa sa 9-10)c
9-10. Ke hobaneng ha re ka re Mokreste e mong le e mong o kenya letsoho ho batla batho ba thabelang ho ithuta ka Jehova?
9 Mokreste e mong le e mong o kenya letsoho ho batla batho ba thabelang ho ithuta ka Jehova. Re ka tshwantsha sena le ho batla ngwana ya lahlehileng. Ka tsela efe? Nahana ka se ileng sa etsahala ha moshanyana ya dilemo di tharo a ne a lahlehile. Batho ba ka bang 500 ba ile ba kena letsholong la ho mmatla. Ka mora dihora tse ka bang 20 ngwana eo a lahlehile, e mong hara batho bao o ile a mo fumana tshimong ya poone. Empa motho eo o ile a hana ho roriswa hobane feela e le yena ya fumaneng moshanyana eo. O ile a re: “Kaofela re kentse letsoho ho fumana moshanyana enwa.”
10 Batho ba bangata ba ikutlwa ba lahlehile jwalo ka moshanyana eo. Ha bana tshepo, ka hoo ba hloka ho thuswa. (Baef. 2:12) Dipaki Tsa Jehova tse fetang dimilione tse 8, di leka ka hohle hore di fumane batho bao. O ka nna wa se ke wa fumana motho eo o ka ithutang Bibele le yena. Le ha ho le jwalo, bahweletsi ba bang bao o sebetsang le bona tshimong, ba ka nna ba fumana motho ya batlang ho ithuta Bibele. Ha mora kapa moradiwabo rona a fumana motho eo ha morao e bang molatedi wa Kreste, kaofela re a thaba.
11. O ka kenya letsoho jwang mosebetsing wa ho etsa batho barutuwa, le haeba ho sena motho eo o ithutang Bibele le yena?
11 Le haeba ho sena motho eo o ithutang Bibele le yena, o ka kenya letsoho mosebetsing wa ho etsa batho barutuwa. Ka mohlala, ha o bona motho ya qalang ho tla dibokeng, o ka mo amohela mme wa ba motswalle wa hae. Seo se tla etsa hore a bone hore lerato le re kgetholla re le Bakreste ba nnete. (Joh. 13:34, 35) Dikarabo tseo o fanang ka tsona dibokeng le hoja di le kgutshwane, di ka ruta ba qalang ho tla ka phuthehong hore na ke jwang ba ka hlalosang seo ba se dumelang. O ka boela wa tsamaya tshimo le mohweletsi ya motjha mme wa mo thusa ho sebedisa Mangolo hantle ha a buisana le batho. Ka ho etsa jwalo, o tla be o mo ruta hore a etsise Kreste.—Luka 10:25-28.
12. Na re hloka ho ba le bokgoni bo itseng e le hore re etse barutuwa? Hlalosa.
12 Ha re a lokela ho nahana hore re hloka bokgoni bo itseng e le hore re rute batho ho ba barutuwa ba Jesu. Hobaneng? A ko nahane ka mohlala wa Faustina ya dulang Bolivia. O ne a sa tsebe ho bala ha a ne a qala ho kopanela le Dipaki Tsa Jehova. Hona jwale o se a tseba ho bala ho isa boholeng bo itseng. O kolobeditswe mme o thabela ho ruta ba bang Bibele. O ithuta Bibele le batho ba 5 beke e nngwe le e nngwe. Le hoja Faustina a sa tsebe ho bala jwalo ka batho bao a ithutang Bibele le bona, o se a thusitse ba ka bang 6 hore ba kolobetswe.—Luka 10:21.
13. Re tla fumana ditlhohonolofatso dife ha re etsa mosebetsi wa boboledi le hoja re phathahane?
13 Bakreste ba bangata ba na le boikarabelo ba bohlokwa boo ba lokelang ho bo phetha. Le ha ho le jwalo, ba ipha nako ya ho ruta batho Bibele mme seo se a ba thabisa. Hlokomela mohlala wa Melanie, ya neng a ikgudisetsa moradi wa hae ya dilemo di 8 a le mong. O ne a sebetsa, ha ka lehlakoreng le leng a lokela ho hlokomela Ntate wa hae ya neng a ena le kankere. Melanie e ne e le yena feela Paki sebakeng seo a neng a dula ho sona. Ka mehla o ne a dula a rapela Jehova hore a mo fe matla a ho ya tshimong le ha ho bata, ka ha o ne a batla motho eo a neng a ka ithuta Bibele le yena. Qetellong o ile a kopana le Sara, ya ileng a thaba haholo ha a ithuta hore Modimo o na le lebitso. Yaba ka mora nako e seng kae, Sara o dumela ho ithuta Bibele. Melanie o re: “Mantsibuya a mang le a mang a Labohlano, ke ne ke ikutlwa ke kgathetse haholo empa nna le moradi wa ka, re ne re rua molemo haholo ha re ilo bala le Sara. Ho ne ho le monate ho arabela dipotso tseo a neng a ena le tsona mme re ile ra thaba haholo ha re bona e eba motswalle wa Jehova.” Sara o ile a bontsha sebete ka hore a mamelle ho hanyetswa, a tlohelle kereke ya hae mme qetellong a kolobetswe.
KE HOBANENG HA RE LOKELA HO BA LE MAMELLO HA RE ETSA MOSEBETSI WA BOBOLEDI?
14. (a) Mosebetsi wa ho etsa barutuwa o tshwana jwang le wa ho tshwasa ditlhapi? (b) Mantswe a Pauluse a tlalehilweng ho 2 Timothea 4:1, 2 a o ama jwang?
14 Le hoja ho sena motho eo o ithutang Bibele le yena hona jwale, o se ke wa nyahama. Hopola hore Jesu o ile a tshwantsha mosebetsi wa ho etsa barutuwa le wa ho tshwasa ditlhapi. Batshwasi ba ditlhapi ba ka lokela ho qeta dihora tse ngata pele ba ka tshwasa tlhapi. Hangata ba sebetsa bosiu kapa hoseng haholo mme ka dinako tse ding ba lokela ho nka maeto a matelele. (Luka 5:5) Ka tsela e tshwanang, bahweletsi ba bang ba qeta dihora tse ngata ba ya dibakeng tse fapaneng mme ka mamello ba bolela ditaba tse molemo. Hobaneng ha ba etsa jwalo? E le hore ba ka fumana batho ba eketsehileng. Boiteko ba bona bo etsa hore ba fumane batho ba batlang ho ithuta Bibele. Na o ka etsa mosebetsi wa boboledi nakong eo batho ba fumanehang ka yona, kapa wa ya sebakeng seo ba leng bangata ho sona?—Bala 2 Timothea 4:1, 2.
Eba le mamello mme o thuse batho bao o ithutang Bibele le bona hore ba be le kamano e ntle le Jehova (Sheba serapa sa 15-16)d
15. Ke hobaneng ha re lokela ho ba le mamello ha re ruta batho Bibele?
15 Ke hobaneng ha re lokela ho ba le mamello ha re ruta batho Bibele? Hobane re lokela ho thusa motho eo re ithutang le yena hore a rate seo a ithutang sona ka Bibeleng. Re lokela ho mo thusa hore a tsebe a be a rate Jehova, ka ha ke yena Mongodi wa Bibele. Ho ekelletsa tabeng ya ho mo ruta seo Jesu a se lebelletseng ho balatedi ba hae, re boetse re lokela ho mo ruta hore na ke jwang a ka sebedisang seo a ithutang sona. Re lokela ho ba le mamello mme re mo thuse ha a ntse a leka ho sebedisa melaomotheo ya Bibele. Hopola hore ho batho ba bang ho ka nka dikgwedi tse mmalwa ho fetola menahano le tsela eo ba etsang dintho ka yona. Athe ho ba bang ho ka nka nako e telele.
16. Keng seo o ithutileng sona mohlaleng wa Raúl?
16 Moromuwa e mong wa Peru o ile a bona bohlokwa ba ho ba le mamello ha a ntse a etsa mosebetsi wa boboledi. O re: “Ke badile dibuka tse pedi le Raúl, empa ho ne ho sa be le diphetoho bophelong ba hae. O ne a ena le mathata a lenyalo, a rohakana mme bana ba hae ba ne ba thatafallwa ho mo hlompha ka lebaka la boitshwaro ba hae. Le ha ho le jwalo, o ne a dula a tla dibokeng. Ka hona, ke ile ka tswelapele ho mo etela e le hore nka ba thusa. Qetellong, ka mora dilemo tse tharo, o ile a kolobetswa.”
17. Re tlo ithutang sehloohong se latelang?
17 Jesu o ile a re ho rona: “E yang . . . le etse batho ba ditjhaba tsohle barutuwa.” E le hore re phethe taelo ena, hangata re lokela ho bua le batho bao bodumedi ba bona bo fapaneng le ba rona. Ba bang bona ha ba kene kereke ho hang, ebile ha ba dumele hore Modimo o teng. Jwale sehloohong se latelang, re tlo ithuta hore na re ka bolela ditaba tse molemo jwang ho batho ba sa tshwaneng.
PINA YA 68 Ho Jala Peo Ya Mmuso
a Mosebetsi o ka sehloohong wa phutheho ya Bokreste, ke ho thusa batho hore ebe barutuwa ba Kreste. Sehloohong sena, re tlo ithuta ka moo re ka etsang mosebetsi ona ka teng.
b TLHALOSO YA LENTSWE: Barutuwa ba Kreste ha ba ithute dintho tseo a di rutileng feela empa ba boetse ba a di sebedisa. Ba leka ho latela mohlala wa Jesu haufiufi.—1 Pet. 2:21.
c DITSHWANTSHO DI A HLALOSWA: Monna e mong ya yang matsatsing a phomolo, o nka pampitshana ho Dipaki tse emeng boemafofane. Ha morao ha a se a le matsatsing a phomolo, o bona Dipaki tse ding di paka phatlalatsa. Ha a se a kgutletse hae, bahweletsi ba bang ba fihla ntlong ya hae.
d DITSHWANTSHO DI A HLALOSWA: Yena monna eo, o dumela ho ithuta Bibele mme qetellong o a kolobetswa