LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • mwb17 June leq. 8
  • Fumana Thabo Mosebetsing wa ho Bolela

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Fumana Thabo Mosebetsing wa ho Bolela
  • Bophelo le Tshebeletso ya Rona—Bukana ya Seboka—2017
  • Dintlha tse Ding
  • Ditaba Tse Molemo di Bolelwa Jwang?
    O ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
  • Thabo e Tswa ho Modimo
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang—2018
  • A re Boleleng Ditaba Tsena
    Binelang Jehova le Thabile
Bophelo le Tshebeletso ya Rona—Bukana ya Seboka—2017
mwb17 June leq. 8

PHELA JWALOKA MOKRESTE

Fumana Thabo Mosebetsing wa ho Bolela

Na o se o kile wa thatafallwa ke ho ho bolela ditaba tse molemo? Boholo ba rona seo se kile sa re etsahalla. Hobaneng? Mohlomong re kopana le batho ba sa thabeleng molaetsa wa Bibele kapa ba bohale kapa rea tshoha ha re tlameha ho bua le batho bao re sa ba tsebeng. Dintho tsena di ka etsa hore re se ke ra thaba. Le ha ho le jwalo, re sebeletsa Modimo ya thabileng ya batlang hore re thabele ho mo sebeletsa. (Pes 100:2; 1Ti 1:11) Ke mabaka afe a mararo a etsang hore re thabele ho bolela ditaba tse molemo?

La pele, re bolela molaetsa o fanang ka tshepo. Le hoja batho ba ntse ba fellwa ke tshepo, re ka ba tlisetsa thabo ka ho ba bolella “ditaba tse molemo tsa ho hong ho molemo.” (Esa 52:7) Le rona ditaba tse molemo tsa Mmuso wa Modimo di ka re tlisetsa thabo. Pele o ya tshimong, nahanisisa ka ditlhohonolofatso tseo Mmuso wa Modimo o tla di tlisa lefatsheng.

La bobedi, molaetsa oo re o bolelang o etsa hore batho ba be le kamano e ntle le Modimo le hore ba phele hantle mmeleng. Ba ithuta ho tlohela mekgwa e mebe mme qetellong ba ba le tshepo ya ho phela ka ho sa feleng. (Esa 48:17, 18; Bar 1:16) Re ka nka mosebetsi oo re o etsang e le wa ho batla batho le ho ba pholosa. Le hoja batho ba bang ba sa batle ho pholoha, re ntse re tswela pele ho batla ba batlang ho pholoha.—Mat 10:11-14.

La boraro, ebile e le la bohlokwa ka ho fetisisa ke hore mosebetsi oo re o etsang o tlotlisa Jehova. O ananela haholo mosebetsi wa ho bolela oo re o etsang. (Esa 43:10; Heb 6:10) Ho feta moo, o re fa moya o halalelang hore re kgone ho phetha mosebetsi ona. Kahoo, kopa Jehova hore a ofe thabo, e leng e nngwe ya ditholwana tsa moya o halalelang. (Gal 5:22) Ka thuso ya hae, re ka ba le sebete sa ho bolela e le hore re ka hlola tshabo eo re nang le yona. (Lik 4:31) Ho sa tsotellehe hore na batho ba arabela jwang, re tla thabela ho etsa mosebetsi ona.—Eze 3:3.

Tsela eo o etsang mosebetsi wa ho bolela ka yona e ka etsa hore o thabe kapa o se ke wa thaba

Ke boikutlo bofe boo o ka ratang ho ba le bona ka tshebeletso? O ka ba le thabo jwang?

SHEBELLA VIDEO E RENG FUMANA THABO HAPE KA HO BALA LE HO NAHANISISA, EBE KA MORA MOO LE BUISANA KA DIPOTSO TSE LATELANG:

  • Ke hobaneng ha re lokela ho etsa bonnete ba hore re ipha nako e lekaneng ya ho ithuta le haeba re qeta dihora tse ngata tshimong kgwedi le kgwedi?

  • Re ka etsisa Maria ka tsela efe?

  • O ipha nako ya ho nahanisisa ka Lentswe la Modimo neng?

  • Keng e o thabisang ha o bolela ditaba tse molemo?

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share