PHELA JWALO KA MOKRESTE
Nka ba Pulamadiboho ya Thusang Neng Hape?
Pono ya Ezekiele ya tempele e bontsha hore batho ba Jehova ba tla itlhahisa ka ho rata. Ke jwang motho ka bomong a ka nkang karolo tabeng ya ho itlhahisa ka ho rata?—Heb 13:15, 16.
Tsela e nngwe ke ka ho nka bopulamadiboho bo thusang. Selemo sa tshebeletso sa 2018 se na le dikgwedi tse mmalwa tse nang le Meqebelo le Disontaha tse 5. Se na se ka tswela batho ba sebetsang molemo, haholo haeba ba kgona ho kopanela tshebeletsong ya tshimo mafelo beke feela. Bahweletsi ba ka kgetha ho nka bopulamadiboho ba dihora tse 30 kapa tse 50 dikgweding tsa March le April le nakong eo molebedi wa potoloho a etetseng phutheho ya ha bo bona.
Re ka etsa jwang haeba maemo a rona a sa re dumelle ho nka bopulamadiboho bo thusang? Re ka leka ho ntlafatsa tshebeletso ya rona le ho eketsa nako eo re e qetang re le tshebeletsong ya tshimo. Ho sa tsotellehe maemo a rona, e se eka tsela eo re ratang Jehova ka yona e ka re susumelletsa ho etsa sohle seo re ka se kgonang selemong sa tshebeletso sa 2018!—Hos 14:2.
Nka etsisa tjheseho ya Sabina Hernández jwang?
SHEBELLA VIDEO E RENG: KE KGONA HO ETSA DINTHO TSE NGATA KA THUSO YA JEHOVA, EBE KA MORA MOO O ARABA DIPOTSO TSE LATELANG:
Keng e susumetsang Sabina ho etsa ho eketsehileng tshebeletsong ya Jehova?
Mohlala wa Sabina o o kgothatsa jwang?
Selemong sa tshebeletso sa 2018, ke dikgweding dife tseo o ka kgonang ho nka bopulamadiboho?