LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • mwb18 February leq. 4
  • “Hlompha Ntatao le Mmao”

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • “Hlompha Ntatao le Mmao”
  • Bukana ya Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tshebeletso ya Rona ya January 2018
  • Dintlha tse Ding
  • Ho Bolelwang ha ho Thwe “Hlompha Ntatao le Mmao”?
    Dipotso Tsa Bibele di a Arajwa
  • Fana ka Tlhompho ho Bao e ba Tshwanelang
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2017
  • Bibele e Reng ka ho Hlokomela Batswadi ba Hodileng?
    Dipotso Tsa Bibele di a Arajwa
Bukana ya Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tshebeletso ya Rona ya January 2018
mwb18 February leq. 4

PHELA JWALO KA MOKRESTE

“Hlompha Ntatao le Mmao”

Ha Jesu a le lefatsheng, o ile hatisa molao ona o reng: “Hlompha ntatao le mmao.” (Ex 20:12; Mat 15:4) Jesu o ne a bua seo ka bolokolohi hobane o ile a ‘ipeha tlasa batswadi’ ba hae botjheng ba hae. (Lu 2:51) Ha a se a hodile o ile a etsa bonnete ba hore mme wa hae o tla hlokomelwa ha yena a se a hlokahetse.—Joh 19:26, 27.

Le mehleng ena, batjha ba Bakreste ba mamelang batswadi ba bona mme ba bua le bona ka tlhompho ba bontsha hore ba a hlompha. Ha e le hantle, taelo ena ha e ya behelwa nako ya ho emisa. Le ha batswadi ba rona ba se ba hodile, re lokela ho tswela pele ho ba hlompha ka hore re mamele dikeletso tsa bona. (Lipr 23:22) Hape re ka bontsha hore re hlompha batswadi ba rona ba tsofetseng ka hore re nahanele maikutlo a bona le ho ba thusa ka tjhelete haeba ho hlokahala. (1Ti 5:8) Ho sa tsotellehe hore na re bana kapa re hodile, ho dula re buisana le batswadi ba rona hantle ke ntho e ka sehloohong e bontshang hore re a ba hlompha.

SHEBELLA VIDEO YA DIPOPAE E RENG NKA BUISANA LE BATSWADI BA KA JWANG? EBE O ARABA DIPOTSO TSE LATELANG:

  • Ke hobaneng ha o ka utlwa ho le thata ho buisana le batswadi ba hao?

  • O ka bontsha jwang hore o hlompha batswadi ba hao ha o buisana le bona?

    moshanyana o ngolla batswadi ba hae lengolo, o buisana le batswadi ba hae hape o bapala bolo le ntate wa hae
  • Ke hobaneng ha ho le bohlokwa ho leka ho buisana le batswadi ba hao? (Lipr 15:22)

    Batswadi ba thusa mora wa bona hore na a ka sebetsana jwang le mathata a ka mo hlalehelang

    Ho bua le batswadi ba hao ho ka o thusa hore o atlehe bophelong

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share