PHELA JWALO KA MOKRESTE
Jehova o Tla Ikutlwa Jwang?
Na re a ipotsa hore na ‘Jehova o tla ikutlwa jwang pele re etsa diqeto tse kgolo kapa tse nyane?’ Le hoja re ke ke ra tseba ntho enngwe le enngwe ka seo Jehova a se nahanneng, o re bolella dintho tseo re lokelang ho di tseba ka Lentsweng la hae e le hore re ka tshwaneleha bakeng sa “mosebetsi o mong le o mong o molemo.” (2Ti 3:16, 17; Bar 11:33, 34) Jesu o ne a tseba thato ya Jehova ka ho hlaka mme o ile a etsa hore e tle pele bophelong ba hae. (Joh 4:34) E se e ka re ka etsisa Jesu ka hore re leke ka hohle ho etsa diqeto tse thabisang Jehova.—Joh 8:28, 29; Ef 5:15-17.
SHEBELLANG VIDEO E RENG LE TSWELE PELE HO LEMOHA SEO THATO YA JEHOVA E LENG SONA (LE 19:18), EBE KA MORA MOO LE ARABA DIPOTSO TSE LATELANG:
Ke hobaneng ha re lokela ho sebedisa melaomotheo ya Bibele bophelong ba rona?
Ke melaomotheo efe ya Bibele eo re ka nahanang ka yona ha re kgetha mmino oo re ka o mamelang?
Ke melaomotheo efe ya Bibele eo re ka nahanang ka yona ha re itlhopha le ha re kgetha dintho tseo re ka di aparang?
Ke maemong afe bophelong ba rona moo re lokelang ho sebedisa melaomotheo ya Bibele?
Re ka etsa eng hore re tswele pele ho lemoha seo thato ya Jehova e leng sona?
Diqeto tsa ka di bontsha eng ka kamano ya ka le Jehova?