PHELA JWALO KA MOKRESTE
O ka Ithutang ho Bona?
Na o sa tswa kgethwa ho ba mohlanka ya sebeletsang kapa ho ba moholo? E ka nna ya ba o na le tsebo, bokgoni kapa thuto e phahameng eo bahlanka ba sebeletsang kapa baholommoho le wena ba se nang yona phuthehong ya heno. Le ha ho le jwalo, o ka ithuta ho hongata ho bara bao babo rona, le ho ba ntseng ba tshepahala ba seng ba sa sebeletse ka lebaka la ho hola, ho kula kapa boikarabelo ba lelapa.
SHEBELLANG VIDEO E RENG HLOMPHA BANNA BA NANG LE BOIPHIHLELO, EBE KA MORA MOO LE BUISANA KA DIPOTSO TSE LATELANG:
1. Morabo rona Richards o bontshitse jwang hore o hlompha Morabo rona Bello?
2. Ben o ile a etsa phoso efe, hona hobaneng?
3. Ben o ile a ithutang mohlaleng wa Elisha?
4. Ho sa tsotellehe hore o morabo rona kapa o moradiwabo rona, o ka bontsha jwang hore o hlompha Bakrestemmoho ba nang le boiphihlelo le ho ithuta ho bona?