LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • mwb19 October leq. 7
  • O Ananela Lentswe la Modimo Hakae?

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • O Ananela Lentswe la Modimo Hakae?
  • Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso——2019
  • Dintlha tse Ding
  • Bibele e ne e le ya Bohlokwa ho Bona—(William Tyndale)
    Dihlooho Tse Ding
  • Fumana Thuso
    Fadimehang!—2020
  • Bibele e ne e le ya Bohlokwa ho Bona
    Dihlooho Tse Ding
  • Fumana Keletso e Bohlale ho JW.ORG
    Bophelo ba Bokreste le Tshebeletso ya Rona—2022
Tse Ding
Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso——2019
mwb19 October leq. 7

PHELA JWALO KA MOKRESTE

O Ananela Lentswe la Modimo Hakae?

Bibele e na le menahano le dipolelo tsa Jehova Modimo, e leng Mongodi wa buka ena e halalelang. (2Pe 1:​20, 21) Bibele e hatisa hore Modimo o tla tlosa qoso bobusing ba hae a sebedisa Mmuso wa hae mme seo se fa batho bohle tshepo ya hore haufinyane bophelo bo tla ba hantle. Bibele e boetse e bontsha ka moo Ntate wa rona ya mahodimong e leng Jehova a leng lerato ka teng.​—⁠Pes 86:15.

Motho e mong le e mong o na le mabaka a hae a ho ananela Lentswe la Jehova. Empa na re a bontsha hore re ananela mpho ee e ntle ka ho e bala letsatsi le letsatsi le ka ho sebedisa seo re ithutileng sona? E se e ka diketso tsa rona di ka bontsha hore re ikutlwa jwalo ka mopesaleme ha a re: “Molao wa hao ke o rata hakaakang!”​—Pes 119:97.

SHEBELLA KAROLO YA VIDEO E RENG BIBELE E NE E LE YA BOHLOKWA HO BONA​—(WILLIAM TYNDALE), EBE O ARABA DIPOTSO TSE LATELANG:

  • William Tyndale; William Tyndale o motjhining wa hae wa ho hatisa; Testamente e Ntjha ya pele ya Tyndale

    Ke hobaneng ha William Tyndale a ile a fetolela dikarolo tsa Bibele?

  • Ke hobaneng ha matsapa a hae a ho fetolela Bibele e le a babatsehang?

  • Dibibele tse ileng tsa fetolelwa ke Tyndale di ile tsa kena jwang England ka sekgukgu?

  • E mong le e mong wa rona a ka bontsha jwang hore o ananela Lentswe la Modimo?

SEO O KA NAHANANG KA SONA: Lentswe la Modimo le tshwana jwang le . . . 

  • lebone le lesedi?​—Pes 119:105

  • metsi?​—Ef 5:26

  • sabole​—Ef 6:17

  • seipone​—Jak 1:23-25

BALA LENTSWE LA MODIMO LETSATSI LE LETSATSI

Kemiso ya mmalo wa Bibele

Na o kile wa leka ho sebedisa Kemiso ya ho Bala Bibele e hlahang ho jw.org? PDF ya kemiso eo e tla o lebisa ho jw.org le Lengolong leo o batlang ho le bala. Haeba Bibele e rekotilweng e fumaneha ka puo ya hao, le yona o ka e fumana ho jw.org.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share