PHELA JWALO KA MOKRESTE
Batjha—Na Jehova ke Motswalle wa Lona?
O ka thabela ho ba le motswalle ya nang le makgabane afe? Mohlomong o ka re ya tshepahalang, ya mosa le ya ratang ho fana. Jehova yena o na le makgabane ana kaofela. (Ex 34:6; Lik 14:17) O mamela dithapelo tsa hao. O dula a le teng ha o hloka thuso. (Pes 18:19, 35) O a o tshwarela ha o entse diphoso. (1Jo 1:9) Jehova ke Motswalle ya babatsehang hakaakang.
O lokela ho etsang hore o be motswalle wa Jehova? O lokela ho bala Lentswe la hae e leng Bibele. Mo bolelle ntho e nngwe le e nngwe. (Pes 62:8; 142:2) Bontsha hore o rata dintho tseo Jehova a di nkang e le tsa bohlokwa jwalo ka Mora wa hae, Mmuso wa hae le ditshepiso tseo a re tshepisang tsona ka bokamoso. Bolella batho ba bang ka yena. (De 32:3) Haeba o etsa boiteko ba hore o dule o le motswalle wa Jehova, le yena o tla dula e le motswalle wa hao ka ho sa feleng.—Pes 73:25, 26, 28.
SHEBELLA VIDEO E RENG BATJHA—“LATSWANG MME LE BONE HORE JEHOVA O MOLEMO,” EBE O ARABA DIPOTSO TSE LATELANG:
O ka itokisetsa ho inehela le ho kolobetswa jwang?
Batho ba bang ka phuthehong ba ka o thusa jwang hore o sebeletse Jehova?
Tshebeletso ya tshimo e matlafatsa kamano ya hao le Jehova jwang?
O ka ba motswalle wa Jehova ka ho sa feleng.
Ke dintho dife tseo o ka di etsang tshebeletsong ya Jehova?
Ke eng eo o e ratang ka Jehova?