“Lerato leo Kreste a nang le lona le a re qobella.”—2Ko 5:14
PHELA JWALO KA MOKRESTE
Na o Tla ba Pulamadiboho e Thusang ka March Kapa ka April?
Na o ka rata ho eketsa nako eo o e qetang tshimong dikgweding tsa Sehopotso? (2Ko 5:14, 15) Kgweding ya March le ya April, bopulamadiboho ba thusang ba ka kgetha ho sebetsa dihora tse 30 kapa tse 50 tshimong. Haeba o batla ho ba pulamadiboho dikgweding tseo, o ka kopa fomo ho Komiti ya Tshebeletso ya Phutheho ya heno. Mabitso a bahweletsi bao Komiti ya Tshebeletso e dumetseng hore e ka ba bopulamadiboho a tla phatlalatswa dibokeng qalong ya kgwedi. Tsebiso eo e tla hlokomedisa bahweletsi ba bang hore ba sebetse le bopulamadiboho bao tshimong e le hore ba finyelle dihora tsa bona. E se eka dikgweding tsena tsa Sehopotso, re ka ntlafatsa tsela eo re bolelang ditaba tse molemo ka yona le ho kgothatsana.—1Th 5:11.