LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • mwb23 March leq. 3
  • Ka Moo o ka Thusang ka Teng ha ho Hlaha Koduwa

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Ka Moo o ka Thusang ka Teng ha ho Hlaha Koduwa
  • Bophelo ba Bokreste le Tshebeletso ya Rona—2023
  • Dintlha tse Ding
  • Tshebeletso ya ho Thusa Nakong ya Dikoduwa
    Mmuso wa Modimo o a Busa!
  • Ho Phallela ba Wetsweng ke Dikoduwa ka 2023—“Re a Bona Hore Jehova o a re Rata”
    Ka Moo Monehelo wa Hao o Sebediswang ka Teng
  • Ho Phallela ba Wetsweng ke Dikoduwa
    Ka Moo Monehelo wa Hao o Sebediswang ka Teng
  • O ka Etsang ho Itokisetsa Dikoduwa?
    Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso—2020
Tse Ding
Bophelo ba Bokreste le Tshebeletso ya Rona—2023
mwb23 March leq. 3

PHELA JWALO KA MOKRESTE

Ka Moo o ka Thusang ka Teng ha ho Hlaha Koduwa

Dikoduwa tsa tlhaho di se di etsahala hangata matsatsing ana. Ha koduwa e eba teng, re lokela ho fana ka thuso ka tsela e hlophisehileng. Ka lebaka leo, Sehlopha se Busang se entse tokisetso ya hore diofisi tsa makala di be le Lefapha le Thusang Nakong ya Dikoduwa.

Ka mora hore ho be le koduwa, kapelepele bara babo rona ba kopana le baholo ho utlwa hore na bahweletsi ba anngweng ke koduwa ba hloka thuso efe. Haeba ho bile le tshenyo e kgolo hoo bahweletsi ba sa kgoneng ho thusana, ofisi ya lekala e tla romela bara babo rona ba tshwanelehang ho etella pele mosebetsi wa ho fana ka thuso. Bara babo rona bao, ba ka hlophisa hore ho be le baithaopi, ba kopa menehelo ya dintho tse itseng kapa ba reka le ho fana ka dintho tse hlokahalang sebakeng seo.

Ho etsa dintho ka tsela ena ho a thusa. Ho etsa hore ho se ke ha eba le mosebetsi o mongata o sa hlokahaleng, pherekano le tshenyo ya menehelo kapa ya thepa. Sena se ka etsahala haeba re etsa dintho ka tsela ya rona mme re sa mamele tataiso e fanweng.

Bara babo rona ba kgethilweng ke ofisi ya lekala, ba ka rera hore na ho hlokahala tjhelete le baithaopi ba bakae. Ba ka boela ba kopa thuso ho ba boholong pusong e le hore mosebetsi o ka fela kapele. Ka hoo, ka kopo le se ke la bokella menehelo, la romela diphallelo kapa la ya moo ho hlahileng koduwa haeba le sa kopuwa ho etsa jwalo.

Le ha ho le jwalo, ha koduwa e eba teng re batla ho thusa. (Heb 13:16) Re rata bara le baradi babo rona. Ka hoo, re ka etsang ho ba thusa? Re ka rapella bara le baradi babo rona ba anngweng ke koduwa ha mmoho le bohle ba ba thusang. Re ka boela ra fana ka monehelo wa mosebetsi wa lefatshe lohle. Diofisi tsa makala di ka sebedisa tataiso ya Sehlopha se Busang ho bona hore na menehelo e ka sebedisetswa ho thusa hokae. Haeba re batla ho thusa moo koduwa e bileng teng, re ka tlatsa foromo ya Local Design/Construction Volunteer Application (DC-50).

SHEBELLANG VIDEO YA DIKGOHOLA TSE BAKILENG TSHENYO BRAZIL EBE LE ARABA POTSO E LATELANG:

Setshwantsho sa video ya “Dikgohola Tse Bakileng Tshenyo Brazil.” Setshwantsho se hlahisitseng karolo e ka hodimo ya matlo le difate tse anngweng ke dikgohola.

Keng e o kgahlang ka tsela eo Dipaki Tsa Jehova di ileng tsa thusa ka yona ka mora dikgohola tse ileng tsa eba teng Brazil ka 2020?

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share