Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • mwb23 September leq. 5
  • Tshepa Jehova ha ho Ena le Motho ya o Hlorisang

Ha ho na video mona.

Ka maswabi ho bile le bothata.

  • Tshepa Jehova ha ho Ena le Motho ya o Hlorisang
  • Bophelo ba Bokreste le Tshebeletso ya Rona—2023
  • Dingolwa Tse Tshwanang
  • Nka Etsang Haeba ke Hloriswa Sekolong?
    Dikarabo Tsa Dipotso Tse 10 Tseo Batjha ba di Botsang
  • Diqeto Tse Bontshang Hore re Tshepa Jehova
    Bophelo ba Bokreste le Tshebeletso ya Rona—2023
  • Batswadi Thusang Bana ba Lona Hore ba Thabise Jehova
    Bophelo ba Bokreste le Tshebeletso ya Rona—2023
Bophelo ba Bokreste le Tshebeletso ya Rona—2023
mwb23 September leq. 5
Moradi wa bo rona e motjha o bontsha batswadi ba hae fono ya hae ebile o ba bolella ka moo a ikutlwang ka teng. Batswadi ba hae ba mo mametse ka hloko.

PHELA JWALO KA MOKRESTE

Tshepa Jehova ha ho Ena le Motho ya o Hlorisang

Batho ba re hlorisang ba re utlwisa bohloko. Ba ka ba ba senya kamano ya rona le Jehova haeba re tshoha ha ba bua hampe ka borapedi ba rona. Keng e ka o thusang haeba ho ena le motho ya o hlorisang?

Barapedi ba bangata ba Jehova ba ile ba kgona ho mamella ha ba ne ba hloriswa hobane ba ne ba tshepile Jehova. (Ps 18:17) Ka mohlala, Esthere o ile a bolella morena ka merero ya Hamane ya kgopo ya neng a hlorisa batho ba Modimo. (Est 7:​1-6) Pele a bolella morena, o ile a bontsha hore o tshepa Jehova ka hore a itime dijo. (Est 4:​14-16) Jehova o ile a mo hlohonolofatsa ka hore a sireletse yena le batho ba habo.

Le wena o ka etsisa Esthere haeba ho ena le motho ya o hlorisang. Kopa Jehova hore a o thuse mme o bolelle motho e moholo jwalo ka motswadi wa hao. Jehova o tla o thusa jwalo ka ha a ile a thusa Esthere. Keng hape e ka o thusang ha ho ena le motho ya o hlorisang?

SHEBELLANG VIDEO YA BOTJHA BA KA—NKA ETSANG HA KE HLORISWA KE BANA BA BANG? EBE LE ARABA DIPOTSO TSE LATELANG:

  • Batjha ba ka ithutang mohlaleng wa Charlie le Ferin?

  • Dintho tseo Charlie le Ferin ba di buileng di ka thusa batswadi jwang hore ba thuse bana ba bona ha ba hloriswa?

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Tswa
    Kena
    • Sesotho (South Africa)
    • Romela
    • Ikgethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela